KAROLO 2
Kgutsufatso
Thuto ya Mahlale a Phedisano e kenyelletsa dithuto tsa Nalane ha mmoho le Jokorafi e leng dithuto tse lekanang ka bohlokwa mona Thutong ena. Ho qala ka Nalane mme o latele ka Jokorafi ha ho bolele hore Nalane ke yona e bohlokwa ho feta Jokorafi.
Sepheo sa dithuto tsa Mahlale a Phedisano ke ho fa setjhaba tlhahisoleseding, le etsa hore batho ba kgone ho bona botle le bobe, mmoho le ho etsa hore batho ba be le boikarabelo, le hore ba bapale karolo ya bohlokwa ka hara setjhaba se nang le mefuta e fapaneng ya batho, hape ebile se fetofetoha ka pele. Dithuto tsena di ikemiseditse ho etsa hore baithuti ba kgone ho bapala karolo ya bohlokwa ka hara Afrika Borwa ya kgotso ya demokrasi. Ka tsela ena, dithuto tsa Mahlale a Phedisano di bapala karolo ya bohlokwa hore batho ba utlwisise le ho fetola setjhaba mmoho le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba utlwisise hore ba na le boikgethelo ho tlisa diphetoho tse ntle maphelong a bona.
Dipehelo tsa Molaotheo di fana ka motheo wa dithuto tsa Mahlale a Phedisano. Ho etsa mohlala, dipehelo tsena di bohlokwa ho etsa hore motho a utlwisise le ho shebana le ditaba tse amanag ditokelo tsa botho le tikoloho Afrika Borwa. Dithuto tsena di lokela ho tlisa diphetoho bathong le tikolohong ka ho thusa baithuti hore ba sebedisa dipehelo tse fumanehang ho Molaotheo maphelong a bona le a batho ba bang ba phelang le bona.
Ha ho shebanwe le dithuto tsa Nalane mmoho le Jokorafi, ho tshwanela ho shejwe kgahlamelo eo dintho tse kang semorabe, bong, maemo, hore o motho o tswa naheng efe, le dipolao tsa batho ba bangata, di bileng le yona nakong ya pele le ya kajeno. Tsena ke dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho shejwa e le karolo ya ho fetola setjhaba le tikoloho. Ka ho etsa jwalo, baithuti ba tla tseba ka dintho tse kang dikamano tsa matla a boetapele, matla a dipolotiki a sebediswa jwang, ditaba tse amang bong, le hore ditaba tsena tsohle di bile le kgahlamelo efe maphelong a batho nakong ya pele le hona jwale. Ditaba tsena di fumaneha haholo ho Sephetho sa ho Ithuta sa 3 dithutong tsa Nalale le Jokorafi. Dithutong tsa Nalane tsa kereiti ya 9 ho toboketswa ditaba tse amang ditokelo tsa botho.
Dithuto tsa Mahlale a Phedisano ka mekgwa yohle ya tsona, di tswedisetsa pele ponelopele ya mmuso wa Afrika Borwa e hlahellang Pampiring e Tshweu ya 1995 moo e reng:
Naha e atlehileng, e kopaneng ya demokrasi e bile e kgonang ho phehisana le dinaha tse ding tsa lefatsehe, ka setjhaba se tsebang ho bala le ho ngola, se nang le bonono, se kgonang ho bona phapang pakeng tsa botle le bobe mme se bile se phela bophelo bo bottle, bo se nang merusu, kgethollo le lonya (Pampiri e Tshweu ya Thuto ya 1995).
DIKAMANO PAKENG TSA DIPHETHO
Dikamano pakeng tsa diphetho tsa ho ithuta le dipheto tsa mantlha tsa ho ithuta
Diphetho tsa mantlha tse supileng ha mmoho le diphetho tse hlano tsa ntshetsopele ke letoto la diphetho tse tswang ho Molaotheo mme di fumaneha ho Molawana wa Dithuto wa Afrika Borwa wa 1995.
Diphetho tsa mantlha di tobane le baithuti ba tla kgona:
Ho bona le ho rarolla mathata mmoho le ho nka diqeto ka ho nahana ka tsela e tebileng.
Ho sebetsa ka bokgabane le sehlopha, mokgupi, mosebetsing kapa setjhabeng.
Ho itlhophisa le ho tsamaisa maphelo a bona ka boikarabelo le ka tsela e nepahetseng.
Ho bokella, ho manolla, ho hlophisa le ho sekaseka tlhahisoleseding ke tsela e tjhatsi.
Ho buisana ka tsela e loketseng ka ho sebedisa disebediswa tsa ho bona, tsa sesupo le/kapa bokgoni ba puo ka ditsela tse fapaneng.
Ho sebedisa Mahlale le Thekenoloji ka tshwanelo le ka tsela e bontshang boikarabelo ditabeng tsa tikoloho le maphelong a batho ba bang.
Ho bonthsa kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka sebaka seo dintho tse ngata di amanang ho sona ka ho utlwisisa taba ya hore ditsela tsa ho rarolla mathata di amana ka ditsela tse ngata.
Diphetho tsa ntlafatso le baithuti ba tla kgona:
Ho sheba le ho tseba mekgwa e mengata ya ho ithuta ka tsela e loketseng
Ho ba baahi ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba sa bona, ka hara naha le lefatseheng ka kakaretso.
Ho ba le kutlwisiso e loketseng ya botjhaba ha mmoho le bonono maemong a fapaneng a bophelo.
Ho sheba ditaba tse amang thuto le ditaba tsa mosebetsi.
Ho hodisa menyetla ya bona ya tsebo ya kgwebo.
Bongata ba diphetho tsena bo tshehetswa ka ditsela tse fapaneng ho ya ho ile Dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Ho tea mohlala, baithuti ba kgothaletswa ho rarolla mathata, ho etsa diqeto, ho ntlafatsa tsela eo ba nahanang ka yona, ho sekaseka le ho tsamaisa tsebo le tlhahisoleseding.
Diphetho tsa ho Ithuta Mahlaleng a Phedisano
Tafole e hlahellang ka tlase e bontsha kamano pakeng tsa Diphetho tsa ho Ithuta tsa Nalane le Jokorafi dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Diphetho tsa ho Ithuta di toboketsa ho ithuta ka ho botsa dipotso, ntshetsopele ya tsebo le bokgoni bo lebisang dipehelong tsa Dithuto le ho ithuta mathata a nakong e fetileng, ya hona jwale, le e tlang. Diphetho tsa ho Ithuta di a amana maemong ao di sebediwang ho ona. Hape di fana ka sebopeho sa tsela ya ho ruta phaposing ya sekolo.
Dipetho tsa ho ithuta di a tshwana mephatong yohle.
Diphetho tsa ho Ithuta
Nalane
Jokorafi patlisiso
Moithuti o tla kgona ho sebedisa tsebo ya ho batlisisa ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno
Moithuti o tla kgona ho sebedisa tsebo ya ho batlisisa ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tsa tikoloho tsebo le kutlwisiso
Moithuti o tla kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane
Moithuti o tla kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya jokorafi ho fuputsa
Moithuti o tla kgona ho fetolela ditaba tsa nalane
Moithuti o tla kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng mabapi le ditaba tsa setjhaba le tikoloho.
MAEMO A TEKOLO
Maemo a Tekolo a supa tswelopele ntshetsopeleng ya dintlha, tsebo, bokgoni le tsamaiso ya dintho ho tloha kereiting ho ya ho e nngwe mephatong e fapaneng. Maemo ana a hlalosa bonyane ba tsebo e lebelletsweng ya mosebetsi kapa kakaretso ya tsebo ya mosebetsi sephethong ka seng le kereiting ka nngwe. Tsebo ya baithuti ya mosebetsi mabapi le diphetho tsa ho ithuta e itshetlehile tabeng ya hore ana moithuti o kgona ho etsa ka moo ho thweng a etse ka teng Memong a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisisong le ho bokgoni boo moithuti a ithutileng bona mophatong o fetileng.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetotse tsela eo Nalane le Jokorafi di rutwang ka yona. Ho botsa dipotso ha mmoho le ho nahana ka tsela e fatisisang ke hwa bohlokwa dithutong tsa Nalane le Jokorafi mme tsena di bohlokwa haholo ntshetsopeleng ya baithuti jwalo ka baahi ba nang le boikarabelo naheng ya rona ya demokrasi. Maemo a Tekolo dithutong tsa Nalane le Jokorafi a shebane le ditaba tsa ho nka lehlakore, mme hape a shebane le ditaba tse ileng tsa siellwa ka morao ha ho ne ho phetwa kapa ho ngolwa ditaba tsa kgale. Ditabeng tsa nalane, Sephetho sa ho Ithuta sa 3 se shebane le tsela eo ditaba tsa kgale di ileng tsa fetolwelwa/utlwisiswa ka teng, ha mmoho le dintho tse kang diphedisano ka ditsela tse fapaneng le boitsebo ba setjhaba bo nang le tshusumetso phetolelong ya Nalane. Dithutong tsa Jokorafi teng, Sephetho sa ho Ithuta sa 3 se shebane le ditaba tse fapaneng tsa tikoloho, hape se shebane le tema ya ho se lekalekane ha batho, bofuma, ho se utlwane ha batho mmoho le tikoloho, ho kenyelletswa ha ditshwanelo, bong, ditlhoko tsa setjhaba, moruo le dipolotiki. Ditaba tse amang boitsebo le titokelo tsa botho le tsona di kenyelleditswe dithutong tsa tsebo ya Mahlale a Phedisano. Ka tsela eo, maemo a tekolo le bokgoni di tsamaisana le dipotso tsa bohlokwa tse botswang ha ho shebanwe le ditaba tsa tsebo tse tshwanela ho bontsha toka phedisanong ya batho, ditokelo tsa botho le ho akaretsa batho kaofela. Ho botsa dipotso tsa bohlokwa ho molemo hore motho a tle a be le tsela e ntle ya ho nahana.
Tsepamiso ya maikutlo ditabeng tsa tsebo Mahlaleng a Phedisano
Kgaolo ya bohlano ya Dipolelo tsa Thuto ya Mahlale a Phedisano e fana ka toboketso ya metheo ya tsebo.
Diphetho tsa ho ithuta, Maemo a Tekolo mmoho le toboketso ya motheo ya tsebo di a amana mme di bile di a sebedisana.
Toboketso ya motheo ya tsebo ya Mahlale a Phedisano e kgethilwe ho shebilwe dintlha tse itseng:
Ho fa baithuti kutlwisiso e akaretsang ya tsebo ya bohlokwa, dintlha le bokgoni, pono, le mehopolo ebang ba ke ke ba tswela pele ka dithuto tsa Nalane le Jokorafi ha ba feta kereiti ya 9.
Ho tseba moo Afrika Borwa e leng teng kontinenteng ya Afrika le lefatsheng ka kakaretso ka tsela e bontshang katamelano ho ena le karohano.
Hore dithuto tse ding di lokela ho rutwa mephatong ya Thuto le Thupelo e Tswellang (FET).
Ho fana ka nalane e tebileng ya Maafrika Borwa.
Ho fana ka kutlwisiso e batsi ya sebaka le ho fihlellwa ha disebediswa mmoho le toka ditabeng tsa tikoloho dithutong tsa Jokorafi.
Ho fana ka tjhadimo e lekaneng ditabeng tse akaretsang, mesebetsing ya ho ithuta le tekolo ya kamano e teng pakeng tsa dithuto tsa Mahlale a Phedisano le Dithutong tse ding, haholoholo tse kang Mahlale a Tlhaho, Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso, Bonono le Botjhaba, Dipuo le Tlwaetso ho tsa Bophelo.
Bokgoni le tsebo e phahameng ho bohle
Maemo a Tekolo a etseditswe ho etsa bonnete ba hore Diphetho tsa ho Ithuta di a fihlellwa. Bokgoni le tsebo e lokelwang ho fihlellwa ke e boemong bo tlase, mme e lokela ho kenngwa tshebetsong ditabeng, mehloding ha mmoho le maemong a tebileng haholo.
Tsebo ya mantlha
Tsebo ya bohlokwa ya mantlha e fumanwang setjhabeng sa rona sa batho ba fapafapaneng e lokela ho toboketswa.
Mehlala ya bohlokwa
Kereiti 6 Sephetho sa ho Ithuta 3 Nalane
Kereiti 5 sephetho sa ho Ithuta 3 (Jokorafi)
Maemo a tekolo
O kgona ho arola pakeng tsa maikutlo a nnete le tlhahisoleseding [ho fetolela ditaba ho tswa mehloding].
Toboketso ya tsebo
Ho hlophisa ditjhaba tsa Afrika: dinaha tse nang le borena Afrika e ka borwa mmoho le ho hahlaula, le kgatello ho tloha nakong ya ngwahakgolo wa leshome le metso e mene ho ya ho ile.
Maemo a tekolo
O kgona ho hlokomela diphephetso tse hlahellang ka hara ditjhaba le tadimo ya ho nama ha mafu.
Toboketso ya tsebo
Ho nama ha mefuta ya mafu, ho kenyelletswa le kholera (bophelo le ho phela hantle ha setjhaba.).
Kereiti 9 Sephetho sa ho Ithuta 1 Nalane
Kereiti 9 Sephetho sa ho Ithuta 1 (Jokorafi)
Maemo a tekolo
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho bona mehlodi (khr.Ho hlokomela ho nka lehlakore, ho siella dintlha ka morao).
Toboketso ya tsebo
Toboketso ya tsebo kereiting ya 9 e ditabeng tsa ditokelo tsa botho.
Maemo a tekolo
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho bona mehlodi, mohlala, ho hlokomela ho nka lehlakore, ho siella dintlha ka morao.
Toboketso ya tsebo
Toboketso ya tsebo e tla ba ho ntshetsopele e tswellang (ho nyelletsa bohle/tsohle).
HO ITHUTA LE HO RUTA MAHLALE A PHEDISANO
Sepheo sa rona dithutong tse maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho ?etsa? dithuto tsa Nalane le Jokorafi. ?Ho etsa Nalane? le ?ho etsa Jokorafi? phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere ba sebetsa ka ?disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong? tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi.
Dithuto tsa Mahlale a Phedisano di shebane le seo baithuti ba ithutang sona.
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothalletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona, ba ntse ba shebile le taba ya ho tiisa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo ? kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe le mehlodi ya ditaba le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona.
Melao e batsi ya ho sebetsa ka Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo
Tsela e felletseng ya ho etsa dipatlisiso dithutong tsa Mahlale a Phedisano
Thuto ena e itshetlehile ho etseng diphuputso, e leng se ka nnang sa nka dibopeho tse fapaneng ka dinako tse ding. Ha ho hlokehe hore ebe tsela e thata jwalo ka mephatong e ka tlase. Le a ho le jwalo, tsela ena e lokela ho supisa baithuti ho sebedisa bopaki, ho bona tsela eo phehisano e tsamayang ka teng le hore ba fuwe monyetla ho lekola tsela eo ba etsang dintho ka yona, ho bona mehopolo ya ba bang le ditsela tseo ba rarollang dintho ka yona. Metako e ka tlase e supa ka botlalo hore diphuputso di ka etswa jwang, e leng tsela e ka sebediswang maemong a fapaneng a ditaba, hape e leng tsela e ka lokelang baithuti maemong a fapaneng a ho ithuta ha bona. Metako ena e supa ka moo tsebo le bokgoni ba ho hlokomela dintho di ka ntshetswang pele ka teng.
Dipotso tse ka tlase di ka botswa ke matitjhere kapa baithuti:
Hobaneng re lokela ho ithuta ka see?
Re utlwa eng ka se buuwang?
Ke mang e mong ya ikutlwang ka matla ka se buuwang?
Maikutlo a bona ke afe?
Re batla ho tseba eng?
Re tla bokella ditaba jwang?
Qeto eo re ka e fihlelang ke efe?
Bopaki bo tshehetsang qeto ee ke bofe?
Ho ka etswang ka se fumanweng diphuputsong?
Ho ka nkuwa mehato efe?
Mohopolo wa ka o fetohile jwang?
Melao e itseng thutong ta Mahlale a Phedisano
Ho lokela hore baithuti ba fuwe diphephetso ka dinako tsohle hore ba fihlele bokgoni ba bona. Ka tsela eo, se latelang ke sa bohlokwa ha ho rutwa le ha ho ithutwa Mahlale a Phedisano:
Ho botsa
Ho lokela hore baithuti ba kgothaletswe ho iqalla le ho ipotsetsa dipotso ka bobona. Kgothaletsa ho nahana ka tsela e fatisisang ka ho etsa se latelang:
Ho phephetsa baithuti hore ba botse dipotso
Ho tswedisetsa pele bokgoni ba moithuti ba ho botsa
Ho botsa baithuti hore bona ba utlwisisa eng
Ho kgothaletsa baithuti ho fumana ditsela tse ding pele ba nka diqeto
Ho kgothaletsa baithuti ho fana ka mabaka a etsang hore ba fane ka dikarabo tse itseng
Ho kgothaletsa baithuti ho tshehetsa dikarabo tsa bona
Ho fa baithuti mnyetla wa ho hlophisa, ho hlopholla le ho theha
Ho qoqa le baithuti
Ho fa baithuti monyetla wa ho buisana ba le bang
Ho se kgothaletse mehopolo e fang motho lehlakore le le leng feela la ditaba
Boleng
Ha ho kgoneha, sebedisa dintho tsa nnete ha o ruta baithuti: dintho tseo ba ka di bonang mme ba di tshwara, ditaba tsa nnete le mehlodi ya nnete ya dintho tse bonahalang. Batla dintho tse ratwang ke baithuti. Dintho tsena di lokela ho bua le moithuti bakeng sa titjhere. Boranalane ba ka sebedisa dintho tsa nako ya kgale. Batho ba Jokorafi ba ka sebedisa dintho tse kang mmapa, ditshwantsho le dikoranta.
Bala ka botebo
Bala mehlodi e mmalwa ka botebo bo boholo. Ho lokela hore ho hlokomelwe ha ho kgethwa mehlodi hore e be e nang le ditaba tsa bohlokwa. Bopa ditabakgolo tse nyenyane ka botebo. Ho ithuta ha nnete ho ba teng ha baithuti ba fuwe monyetla wa ho fuputsa ka botebo ho ena le hore ba okole ditaba ka hodimo.
Ho fihlelleha
Moo ho kgonehang ho bohlokwa hore mehlodi e sebediswe e le jwalo ho ena le hore e fetolwe ka sepheo sa ho e nolofatsa. Le ha ho le jwalo, sena se bolela hore matitjhere a tla lokela hore a no sebetsa le baithuti hore mehlodi e fumanehe. Kgetha mehlodi eo ba tla e rata.
Ho buisana
Ho tshwanela hore baithuti ba kgone ho bua ka seo ba se badileng ho ba bang sekolong le ka ntle ho sekolo.
Dipotso tsa Bohlokwa
Tshebediso ya dipotso tsa bohlokwa e bohlokwa hore baithuti ba kgone ho bopa tsela e loketseng ya ho nahana ka ho botsa dipotso. Dipotso tsena di fa moithuti tsela ya ho nahana jwalo ka motho ya tsebang Nalane kapa Jokorafi, mme di bontsha hore dipotso tsena ha di hahe tsebo ya ho fuputsa feela, empa hape di haha tsebo ya puo le bokgoni bo bong.
Nalane
Bokgoni le puo
Jokorafi
Ke eng?
Ho bolela, ho hlokomela
Ke eng?
E hokae/e ne e le hokae?
Ho fumana moo e leng teng, hlokomela tsela eo e hlahang ka yona
E hokae?
Hobaneng e ne e le jwalo?
Hobaneng e le tjee?
Shadima, hlokomela, hlopholla
Ho tlile jwang e be tjee?
E fetotswe ke eng?
Lepa, fana ka kgopolotaba
Sekaseka, hlokomela
Ho sebedisa mehlodi Mahlaleng a Phedisano
Moralo o ka tlase o bontsha mehlodi e fapaneng e ka sebediswang dithutong tsa Nalane le Jokorafi ho Mahlale a Phedisano.
Tsebo le kutlwisiso ya Nalane
Dithutong tsa Nalane re sebedisa dintho tse itseng ho utlwisisa ditaba tsa kgale. Dintlha tse bontshitsweng ho Maemo a Tekolo ke tsona tsa mantlha thutong ya Nalane. Ha baithuti ba ithuta ka ditaba tse amang tsebo, ba tla kopana le ditaba tse ding tse kang mmuso, palamente, dibaka tsa diindasteri, demokrasi, bokomonisi le bongangele.
Tokodiso ya nako
Tsela eo ditaba di latellanang ka yona le tsela eo diketsahalo di amanang ka yona e bohlokwa dithutong tsa Nalane. Tokodiso ke tsela eo diketsahalo tsa kgale di hlophiswang ka yona mme e fana ka lesedi la diketsahalo tsa kgale. Baithuti ba banyenyane ba lokela ho ba le bokgoni ba ho hlophisa nako ka tatellano ya diketsahalo. Mephatong e tlase sena se ka etswa ka ho lokodisa diketsahalo tseo moithuti a di tsebang kapa diketsahalo tsa letsatsi ka tatellano. Mephatong e hare teng ho kenyelletswa mehlala e thatanyana e tla fanwa, e kang ditshwantsho tse tharo kapa tse nne. Ka mohlomong baithuti ba ka kotjwa ho hlalosa mabaka a etsang hore ba hlophise ditshwanthso ka tsela eo.
Tshwano le phapang
Ho tshwana ha dintho ha ho bolele hore dintho tseo ke ntho e le nngwe. Ho bolela feela tshwano e hlahang ka ditsela tse itseng.
Phetoho le tswello
Phetoho le tswello di ka fuputswa ha ho etswa dipapiso tse hlahang ka mora nako e itseng. Tswello e utlwisiseha ka thata ho feta phetoho. Dipotso tsa bohlokwa tse ka botswang ke tsena:
Phetoho Phetoho ke eng?
Tswello Ho nkile nako e kae?
Sesosa le ditlamorao
Ha re sheba tsela eo dintho di fetohang ka yona re lokela ho sheba sesosa ha mmoho le ditlamorao tsa teng. Ho batla ho ba thata ho hlokomela ditaba tsa sesosa le ditlamorao dithutong tsa Nalane. Dipotso tsa bohlokwa ke tse latelang:
Sesosa Hobaneng see se etsahetse?
Ditlamorao Sephetho e ile ya ba sefe?
Ditlhahiso tsa hore ho ka sebetswa jwang ka mehlodi ya Nalane
Ditokomane
Kgetha ditokomane tse tla ratwa ke baithuti
Bala ditokomane le baithuti ba Mophato o Mahareng motjhining wa projektha ya leboteng. Baithuti ba mophato o phahameng bona ba ka kgona ho itshebeletsa ka ditokomane ba le bang kapa ka bobedi.
Baithuti ba baholwanyane bona ba ka fuwa dipotso tsa bohlokwa ka ho bala tokomane. Sena se bolela hore ba tla bala tokomane ka boikemisetso.
Buisana le baithuti ka mantswe ao ba sa a utlwisiseng kapa o fane ka letoto la tlhaloso ya mantswe a tsamayang le tokomane.
Botsa dipotso kapa o kgothalletse baithuti ho botsa dipotso mabapi le tokomane ya bona. Bona ebang ka baithuti ba ka fana ka dikarabo ka bobona.
Mehlodi ya molomo
Dipale ke mohlodi wa bohlokwa wa ditaba tsa kgale. Baithuti ba lokela ho rutwa ho botsa batho dipotso. Ho botsa batho dipotso ho ka sebediswa e le mohlodi wa ditaba tse buuwang phaposing ya sekolo. Ha ho sebetswa ka mehlodi ya molomo baithuti ba lokela ho hlokomediswa dintlha tse kang:
Kgopolo e ka nna ya fosahala
Ho ka etsahala hore batho ba baholo ba se ke ba hopola ditaba tsa kgale hantle
Ha se ditaba tsohle tse ka hopolwang mme ka lebaka leo motho a ka nna a kgetha hore a se ke a bolela sohle seo a se hopolang.
Le ha e le mona mehlodi ya molomo e sa tshepahale ka botlalo, e ntse e le bohlokwa, ka ho bontsha hore batho ba ne ba ikutlwa jwang ka diketsahalo tsa kgale le hore batho ba hopola diketsahalo tsena jwang.
Mehlodi ya molomo e lokela ho shebisiswa le e meng.
Mehlodi ya se bonwang
Setshwantsho see se ka mpolella eng ka batho, sebaka kapa diketsahalo tse hlahellang ho sona?
Ebe setshwantsho see se bontsha nako eo se neng se nkuwa ka yona kapa se entswe moraonyana?
Ke ditaba dife hape tseo ke lakatsang ho di tseba ka sethswantso see kapa seo se di bolelang?
Dihlahiswa tsa bonono phaposing ya Sekolo
Baithuti ba lokela ho ?bala? le ho ?botsa? ka dintho ebang ba tla di sebedisa e le disebediswa tse tla ba thusa ho utlwisisa nalane. Ho sebetsa ka dihlahiswa tsa bonono ho etsa hore motho a kgone ho hlokomela dintho. Dipotso tsa bohlokwa maemong ana di kenyelletsa tse latelang:
E entswe ka eng?
E tlile e le jwalo kapa ke ya maiketsetso?
Ebe e fetotswe kapa e lokisitswe?
E entswe jwang? E entswe ka matsoho kapa ka motjhini?
E kile ya sebedisetswa mosebetsi o mong?
Ke ya kgale bo bokae? Re a tseba hore e entswe kapa e entswe neng?
Ebe re a tseba hore e tswa kae le hore e fumanwe kae?
E bonahala e le ya kgale? Ebang ho le jwalo, ke hobaneng?
E radilwe hantle? E kgabisitswe?
Ebe ho sebedisitswe disebediswa tse loketseng?
Na o rata tsela eo e shebehang ka yona?
Ebe batho ba bang ba a e rata?
Boleng ba yona bo bokae? Bathong ba e entseng?
Bathong ba neng ba e sebedisa?
Bathong ba e bolokang?
Ho wena?
Bankeng?
Meusiamong?
E fumaneha mophatong ofe? Ebe e o bolella ho hong ka sebaka seo e fumanehang ho sona?
Ebe sebaka se o bolella ho hong ka moelalo wa yona?
Tsebo le kutlwisiso ya Jokorafi
Thuto ya Jokorafi e shebane le kutlwisiso ya dikamano tse fumanehang pakeng tsa batho le tikoloho dibakeng le dinakong tse fapaneng. Ke mahlale a shebaneng le tshekatsheko ya dikamano pakeng tsa batho le tikoloho lefatsheng. Dikamano tsena di na le ho fetoha ha nako e ntse e tsamaya ka tlasa mabaka a fapaneng. Ka dinako tse ding diphetoho tsena di bakwa ke maemo a dipolotiki kapa tsela eo disebediswa di sebediswang ka teng kapa kgetho ya batho ka ho fapana. Ditaba tsena di tshophodi, mme di hloka manollo e ikgethileng ebang re batla ho utwlisisa hore lefatshe le fetoha jwang, le hore le fetolwa ke eng. Ho bohlokwa hore baithuti kaofela ba be le kutlwisiso ya dintho tsena hore ba tle ba sebedise bokgoni ba bona ho shebana le diphetoho le ho tlisa phetoho ka tsela ya tshwanelo.
Tsebo, bokgoni le ditsela tsa ho phela tse tswang maemong a tekolo ke tsebo ya mantlha, bokgoni le ditsela tsa ho phela tse fumanehang dithutong tsa Jokorafi. Dipehelo tsa bohlokwa di hlahella ka tlase:
Batho, dibaka, disebediswa le tikoloho.
Baithuti ba Mophato o Mahareng ba tla qalella ho utlwisisa hore ke hobaneng batho ba phela dibakeng tse fapaneng le hore kgahlamelo ya batho e ka ba efeng dibakeng tsena. Mophatong o phahameng teng, baithuti ba tla utlwisisa dikamano tsena ho ya pela, mme hape ba tla di hlalosa ba bile ba nahana ka tsela e manollang. Ditlwaelo tse sebediswang karolong ena di tla thusa baithuti ho hlokomela ditshwano tse itseng tseo ba kopanang le tsona maphelong a bona a letsatsi le letsatsi. E tla ba thusa hape ho hlalosa hore ke hobaneng ditlwaelo tsena di le teng, le hore ke hobaneng tse ding tsa ditlwaelo tsena di tshwanela ho fetoha, kapa di fetolwe ka tsela e itseng.
Phetoho ka mora nako
Ditlwaelo tse hlahellang sebakeng di a fetoha ha nako e tsamaya. Hore re tle re utlwisise hore ke hobaneng ditlwaelo di le teng, le hore ke hobaneng di fetoha ha nako e tsamaya, baithuti ba lokela ho utwlisisa hore ho tlile jwang ditlwaelo tsena di tlise diphetoho tseo re di bonang kajeno. Ho tea mohlala, ho ka hlokeha hore baithuti ba hlalose hore ho tlile jwang setjhaba se ahe tulong e itseng le hore setjhaba seo se se se phela jwang nakong eo.
Ho tshwana le diphapang (papiso)
Dipapiso di sebedisetswa ho hlalosa ho tshwana kapa ho fapana ho bang teng ditlwaelong tse hlahellang dibakeng le ditikolohong tse fapaneng.
Sesosa le ditlamorao
Dinako le diketsahalo di tlwaetse ho hlaloswa ho ya ka sesosa le ditlamorao tsa tsona. Dipotso tsa bohlokwa di a latela:
Sesosa Hobaneng see se etsahetse? Se etsahetse hokae?
Ditlamorao sephetho e bile sefe? Sephetho se etsahetse hokae?
Tshebediso ya mehlodi dithutong tsa Jokorafi
Tshebediso e batsi ya mehlodi e matlafatsa thuto, ho ithuta le tekolo. Le ha ho le jwalo, ho fa moithuti ditaba tse ngata haholo ho ka nna ha mo lahlehisa. Setshwantsho se ka tlase se fana ka mehlala ya mehlodi e fapaneng ya ditaba e fumanwang dithutong tsa Jokorafi mme se hlalosa hore mehlodi ena e ka manollwa jwang. Mehlodi ena e lokela ho kenyelletswa ditseleng tse fapaneng ha ho etswa Lenaneo la Thuto.
11 Ditsela tse lokileng tsa ho ithuta Jokorafi
Setshwantsho se ka tlase se supa ditsela tse fapaneng tsa ho bala tse fumanwang dithutong tsa Jokorafi ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumana bokgoni bo lekaneng. Ditsela tsena di lokela ho kenyelletswa mephatong e fapaneng ya Lenaneo la Thuto ho etsa hore baithuti ba fumana bokgoni ba mefuta e fapaneng e ka lekolwang.
Mosebetsi wa ka ntle ho sekolo le ho etela dibaka tse itseng
Ho rera le ho tsamaisa mosebetsi wa ka ntle ho sekolo, ho etela ditsha le dimeoseamo
Baithuti ba lokela ho bona lefatshe la ba potapotileng ka mahlo a bona. Ke botle ho qala ka tikoloho e haufi le bona. Hape ke botle ho kopanya Nalane le Jokorafi ka tsela e tlwaelehileng. Mosebetsi wa ka ntle ho sekolo ha o a lokela ho ja tjhalete e ngata haholo. Hape mosebetsi ona o ka etswa ntle le tshitiso ya mosebetsi wa sekolo.
Dintho tse lokelang ho etswa ha ho etswa mosebetsi wa ka ntle ho sekolo
Ka dinako tsohle etsa hore:
O fumane tumello e loketseng
O hlakisitse lebaka la ketelo ya hao ho basebetsi-mmoho , bathusi le baithuti
O netefaditse ditlhophiso ka ngollano
O fumane ditlankana tsa tumello ho batswadi ebang mosebetsi o le ka ntle ho sekolo
Ho na le batho ba lekaneng ba baholo ba tla felehetsa baithuti
O hlaloseditse basebetsi-mmoho hore o tla ba siyo sekolong nako e itseng letsatsing leo
O hlophisitse mofao o lekaneng bakeng sa baithuti ba nang le ditlhoko tse ikgethang
O fumane disebediswa tse lekaneng tsa thuso ya pele
O na le lenane le felletseng la baithuti ba tsamaileng le wena
O sihile dinomoro tsa tshohanyetso le e mong wa basebetsi ba sekolo
O hlophisitse lenane la mesebetsi e tla etswa.
Sebakeng se kgethilweng
Ho etela dibaka le ho sebetsa ka hara setjhaba ha di a lokela hore ebe titjhere kapa setsebi se kgethilweng se lekola feela mme e rute batho ka seo a se bonang. Empa e lokela ho kenyelletsa:
Tekolo le ho rekota ho kenyelletswa le ho taka
Ho bapisa le ho fihlela qeto
Ho bala, ho ngola le ho utlwisisa
Ho metara le ho hakanya
Ho bala mmapa le dipolane
Bokgoni ba dipalo le mahlale
Bokgoni ba ditaba tsa phadisano, ho buisana, ho arolelana le ho tlaleha
Boiphihlelo ba ditaba tsa boithabiso
Pampitshana ya lenane la mesebetsi (ka ntle ho sekolo)
Ho bohlokwa ho tataisa baithuti ka hore ba nahane ka seo ba se bonang le seo ba se etsang ha ba tsamaetse ka ntle ho sekolo. Pampitshana ya lenane la mesebetsi e tshwanela ho hlabolla monahano le pono ya bona mme e ba thuse ho hlokomela ditaba tse sa kang tsa hloloseha hantle. Teko e lokileng ya pampitshana e bontshang se tla etsuwa ke:
Ebe e lebisa tlhokomelong e tobileng ya se itseng?
Ebe dikarabo di molemo?
Ebe e etseditswe ketelo ee le baithuti baa?
Ebe e lebisa mosebetsing o kang ho taka, ho fihlela qeto kapa ho batla bopaki?
Ebe dipotso di dumella motho ho araba ka bolokolohi kapa di a tlama?
Ebe baithuti ba lokela ho nahana ka ketelo ya bona ka ho botsa hore ba ile ba thabelang ho fetisisa mme ba fana ka mabaka a seo kapa ka ho botsa hore ke eng eo ba sa e rateng ho fetisisa mme ba fana ka lebaka la seo.
Ditlhahiso tsa hore pampitshana ya lenane la mesebetsi e ka etswa jwang
Tse latelang ke mehlala e bonolo ya hore pampitshana ya lenane la mesebetsi e ka etswa molemo jwang:
Pampitshana ya lenane la mesebetsi e lokela ho hlaka mme e ralwe ka tsela e ntle
Ditaba ha di a lokela ho teteana haholo kapa di fane ka melao e mengata haholo
Ho tshwanetse ho ba le mesebetsi e mengata e fapaneng
Dipotso tse kang jwang? hobaneng? efe? neng? di fana ka dikarabo tse betere ho feta ditaelo tse kang ?etsa ?
Dikarabo di lokela ho fana ka diketsahalo tse fapaneng: taka, lekanya, etsa qeto, jj.
Latedisa ditaba tsena sekolong
Mosebetsi wa tlatsetso o etswang sekolong ho matlafatsa bokgoni, mehopololo le ditaba tse fumanweng ketelong ya baithuti o bohlokwa.
Ebang e le hore baithuti ba bile le pampitshana ya lenane la mesebetsi ba kgothalletse ho sebedisa ditaba tseo ba di fumaneng ho etsa diphuputso tse ding hape.
Ebang e le hore baithuti ba kotjwa ho ka ditaba tsa ketelo ya bona, ba tataise hore ba shebane le ditaba tse ikgethang tsa sebaka seo ba se etetseng ho ena le hore ba fane feela ka ditaba tsa letsatsi.
Baithuti ba ka kotjwa ho ngola, ho etsa mmapa, ho taka, ho sebedisa metako kapa ditshwantsho ho bolella baithuti ba diphaposi tse ding ka leeto la bona.
Baithuti ba ka iketsetsa meusiamo wa phaposi ya bona kapa ba iketsetsa dipontsho.
Mosebetsi wa tlatsetso o ka kopanngwa le ditaba tsa botjhaba le Bonono. Baithuti ba ka etsa ditema, bonono, ba iketsetsa ditshwantsho, ba taka ha ba le leetong.
TLHAHLOBO YA MAHLALE A PHEDISANO
Sepheopheo sa ho ho hlahloba baithuti e tshwanela e be ho hodisa le ho ntshetsa pele bokgoni ba motho, ho lekola tswelopele ya baithuti le ho tiisa ho ithuta ha bona.
Tlhahlobo e bohlokwa thutong e itshetlehileng ka diphetho hobane ho hlokeha hore ho bonahale ebang moithuti a fihletse se hlokehang kereiting ka nngwe.
Ho thusa baithuti ho fihlela bokgoni ba bona bo felletseng, tlhahlobo e lokela ho:
Hlaka mme e tobane le se itseng
Kopanngwa le ho ruta le ho ithuta
Itshetleha dipehelong tse itseng tsa maemo
Kgothalletsa baithuti ho nka karolo ka ho sebedisa tsebo e loketseng ya bophelo ba diketsahalo tsa nnete
Arohana ha ho tluwa ditabeng tsa diketsahalo le maemo
Ho tshepehala, ho loka, e tsamaye ho latela bokgoni ba moithuti mme e fane ka menyetla e ekeditsweng.
Ditlhahlobo di lokela ho thehwa ho tswa ho Maemo a Tekolo a mosebetsi ka mong wa tlhahlobo. Maemong a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano a tsamaisana ka ho otloloha le dithuto tsa Nalane le Jokorafi mme a tla ba bohlokwa haholo ha ho shejwa hore moithuti o sebeditse jwang ho fihlela Sephetho sa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo a kereiti ka nngwe. Sephetho sa ho Ithuta le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di etseditswe hore di sebediswe mmoho ka hobane di a buisana. Le ha ho le jwalo, bakeng sa ditlhahlobo teng, tlhahlobo e ka nna ya etswa hore e bontshe sesosa le ditlamorao dithutong tsa Nalane le tsebo ya mmapa dithutong tsa Jokorafi. Ka tsela eo, tlhahlobo e ka tobana le Maemo ana a Tekolo. Ka dinako tse ding Maemo a mmalwa a Tekolo a ka hlahlojwa mosebetsing o le mong.
Hape ho tla ba le nako moo diketsahalo (tse kang mosebetsi o kopanetsweng) le bokgoni ba ho pheta di tla hlahlojwa mme mehlala ya dipehelo tse ka sebediswang di ka fumanwang bukaneng ya Dipehelo tsa Tlhahlobo tsa Mahlale a Phedisano ya Lefapha la Thuto.
HO HLOLA DITSHITISO TSA HO RUTA, HO ITHUTA LE TLHAHLOBO
Pampiri e Tshweu ya 6 ya ditlhoko tse Ikgethang tsa Thuto: Ho aha Tsela e kenyelletsang bohle ya Thuto le Thupelo e thehilwe mohopolong o motjha wa thuto le thupelo. Ho nyelletswa ha bohle ho shebane le dipehelo tsa Molaotheo tsa phihlello, ho lokisa botjha, tekatekano le thuto ya boleng bo phahameng ho bohle. Tsela ena e ntjha ya ho nahana e hlakisa taba ya hore baithuti ba lokela ho rutwa le ho hlahlojwa ka hara kharikhulamo le maemo a le mang a tekolo. Ka bokgutshwanyane, leano la kenyelletso ke tsela ya ho sutha mokgweng wa ho kgetholla ho ya mokgweng wa tshehetso. E na le seo e se bolelang ka ho lekana bakeng sa ho ithuta le ho ruta mme e hlahella ka tsela e latelang boemong ba thuto.
Kharikhulamo ke seipone se bontshang hore ho etsahalang sekolong le phaposing ya sekolo. Ebang baithuti ba ithuta dikharikhulamo tse fapaneng, sena se romela melaetsa e fapaneng ka maemo a bona sekolong, e le baithuti kapa e le batho. Boteng ba baithuti phaposing ya sekolo ha bo netefatse ho nka karolo ha bona mesebetsing ya sekolo kapa ya phaposi ya sekolo. Ho akaretsa ho ka nna ha ba teng, empa sena ha se bolele kenyeletso.
Hantlentle kenyeletso ke taba e tobaneng le kharikhulamo ka hobane dikharikhulamo di na le ho baka ditshitiso tse kgolo tsa ho ithuta le ho siellwa ka ntle ha baithuti ba bangata, e bang ba le dikolong kapa dibakeng tse ikgethileng kapa tsa tlwaelo. Ditshitiso tsena di bakwa ka labaka la ho kopakopana ha kharikhulamo tse kang:
Maemo a tsepamiso ya tsebo a mananeo a ho ithuta
Puo e sebediswang ha ho rutwa
Tsamaiso le tlhophiso ya diphaposi tsa ho rutela
Tsela le lebelo la ho ruta, dinako tsa ho qeta dikharikhulamo
Disebediswa tse lokelang ho ba teng
Mekgwa ya tlhahlobo
Ditshitiso tsa ho ithuta le ntshetsopele
Disthitiso tsena di ka hlaha dibakeng tse fapaneng:
Tsamaiso, khr. tlhokeho ya disebediswa tse tlwaelehileng le tsa bohlokwa tsa ho ruta, tsa ho thusa, disebediswa tse haellang sekolong, diphaposi tse tletseng haholo, jj, puo.
Tse amang phedisano, khr. bofuma bo boholo, ho ingodisa ka mora nako sekolong, merusu, batho ba anngweng ka HIV/AIDS.
Ho na le dintho tse nne tse kgathatsang haholo dithutong tsa Mahlale a Phedisano:
Mehopolo, dintho, le mantswe di fetiswa ka puo. Tshebediso ya puo e bohlokwa ha ho rutwa le ha ho ithutwa Mahlale a Phedisano hobane e lebisa kutlwisisong ya rona ya dintho tse thata. Kutlwisiso ya tsona e ka itshetleha tsebong ya puo ya tlatsetso ya ho ruta le ho ithuta. Baithuti bana ba ka sitiseha haholo ke puo eo ba rutwang ka yona. Ho fedisa mathata ana baithuti ba lokela ho fuwa monyetla o mong le o mong wa ho bontsha kutlwisiso ya bona ya mantswe le dintho tse itseng meqoqong le dipuisanong tsa moithuti le titjhere. Ho tshwanela hore ho kgothaletswe phetolelo ya mantswe puong ya moithuti ya lapeng.
Dintho tse sa thabiseng bohle di dula di le teng dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Dintho tsena di hlahiswa hobane di ka nna tsa tsamaisana le moithuti kapa tsa fana ka bohlokwa kapa kgahleho e itseng. Dintho le kutlwisiso di atisa ho hlakiswa ka ditsela tse itseng, tse kang dipale. Le ha e le mona dintho tse sa ratweng ke bohle di kgothalletswa dithutong tsa Mahlale a Phedisano, di lokela ho shejwa ka tsela e hlomphang baithuti kapa bahlokomedi le batswadi ba bona. Dintho tse ngata tsa mofuta ona di ka tadingwa ho ipapisitswe le tsela ya phuputso moo dintho tse kang ho kgetha lehlakore, ho bona dintho ka leihlo le le leng feela, kapa ho hlaka ka tsela eo o etsang dintho ka yona di kgothalletswang ha ho batlwa nnete. Dintho tse sa ratweng ke bohle di fana ka monyetla o motle wa hore baithuti ba ithute ditaba tse ba amang, le hore ba di hlalose ho latela kutlwisisano ya bona le baithuti ba bang, le hore ba kgone ho nahana hantle ntle le ho nkuwa ke maikutlo, e leng se atisang ho etsahala ha ho ithutwa dithuto tse amanang le tsena.
Mahlale a phedisano a hlokomedisa moithuti ka mehlodi e mengata ya dintho tse bonwang tse kang ditshwantsho, divediyo, mmapa, le tse ding tse takilweng. Mehlodi ena ya ditaba e fana ka mathata a maholo baithuting ba sa bonang hantle. Ho siya moo, baithuti ba sa utlweng ka ditsebe ba ka nna ba kopana le mathata ha ba botsa batho dipotso kapa ha ba fuputsa ditaba ka disebediswa tse hlaokang motho ya utlwang. Baithuti ba sebedisang ditulo tsa mabidi bona ba ka kopana le mathat ha ba sebetsa mosebetsi wa ka hara setjhaba. Titjhere e lokela ho hlokomela ditshitiso tsena mme e etse matsapa a ho dumella baithuti ho nka karolo mesebetsing ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Ho lokela ho nanahnwa ka ditsela tse ding tsa ho fihlella sepheo sa titjhere tse kang ditshwantsho ebang e le hore di ke ke tsa hlaloswa ka botlalo, le ha e le mona le tsona di sa kgone ho kgotsofatsa ditsela tsohle.
Mosebetsi wa ka ntle ho sekolo o a kgothaletswa dithutong tsa Mahlale a Phedisano hobane di thusa moithuti ho bona lefatshe leo ba phelang ho lona mme hape o dumella baithuti ho botsa dipotso le ho qala diphuputso tse itseng. Le ha e le mona ho sa lebellwa hore baithuti ba ka tsamaya sebaka se itseng ho tloha sekolong, ho tla tshwanela ho hopolwe hore mesebetsi e meng e kang ho etela meuseamo kapa polasing o ka hloka hore ho lefuwe tjheletenyana e itseng. Le ha ho le jwalo, sena ha se a tshwanela ho sitisa baithuti ho tswedisetsa pele morero wa bona. Ditaba tse amang mosebetsi wa ka ntle ho sekolo di ile tsa angwa ka botlalo karolong ya 2.4.12.
DITABA TSE AMANG HO RALA LENANEO LA HO ITHUTA, SHEJULI YA MOSEBETSI LE MORERO WA THUTO MAHLALENHG A PHEDISANO
Melao e batsi ya thero
Sephetho sa ho Ithuta sa 1 dithutong tsa Nalane le Jokorafi ke sephetho se tla sebediswa makgetlo a mangata hobane se fana ka motheo wa diphuputso ho Mahlale a Phedisano.
Maemo ohle a Tekolo a lokela ho alwa/hasakanngwa ka dilemo tse fapaneng.
Tsepamiso ya maikutlo tsebong e lokela ho hlophiswa ho ya ka selemo ho latela dibeke tsa ho ruta.
Nahana ka mehlodi eo o tlang ho e sebedisa ho etsa hore ho ithuta ho be molemo.
Nahana ka nako e hlokehang ho etsa diteko.
Nahana ka maeto a ka ntle ho sekolo a ka etsasng hore dithuto tsa sekolo di utlwisisehe hantle. Ebe a lokela ho tshwarwa ka nako e itseng ya selemo?
Nahana ka mesebetsi e itseng ya sekolo e ka bang le kgahlamelo nakong ya ho ruta le ho ithuta.
Lokoloha ha o rala morero wa selemo hobane ho ka ba le dintho ntse ding tse fanang ka thahaasello le ha e le hore di ne di sa rerwa.
Dikamano pakeng tsa Diphetho tsa Ho Ithuta, Maemo a Tekolo, mmoho le Tsepamiso ya Tsebo dithutong tsa Mahlale a Phedisano.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a Nalane le Jokorafi, a hlahellang Polelong ya Dithuto tsa Mahlale a Phedisano e tla ba ona ao o qalang ka ona ha o rera Lenaneo la ho Ithuta. Ka morao ho moo Tekolo ya Tsebo e ka arolwa ka dihlooho tse fapaneng tseo ho ithuta le thuto ho tla tsepamiswa ho tsona. Sehlooho sa thuto e tla ba sona seo maemo a tekolo a tlang ho tsepamiswa ho sona.
Ha o qeta ho kgetha sephetho sa ho ithuta le maemo a tekolo o lokela ho kgetha mookotaba ho tswa maemong a tsepamiso ya tsebo. Kgetho ya mookotaba e ka boela ya lebisa ho kgethweng ha Maemo a mang a Tekolo. Dithutong tsa Nalane le Jokorafi ka bobedi, ho hopolwa hore mosebetsi le ha e le ofe feela wa ho ithuta o tla fumana maemo a tekolo ho tswa diphethong tsohle tsa thuto ka ha e le mona di nkuwa di amahantswe.
Ho etsa mohlala, ha o shebane le sehlooho sa Nalane se kang tswelopele ya pele ya Afrika (Ekgepeta/Nubia) kereiting ya 5, o ka hloka ho bona hore ke tsepamiso efe ya tsebo eo o lokelang ho shebana le yona. Sena se kenyelletsa dipotso tsa hore tswelopele ke eng, Ekgepeta/Nubia e hokae, re bolela nako efe ha re bua ka Ekgepeta/Nubia ya maswetso, bohlokwa ba noka ya Nile, dintho tse ding tse bontshang setjhaba sa Maekgepeta tse kenyelletsang temo, tswelopele ya ditoropo, diphiramiti, ho ngola, baruti, ditempele, jwalo jwalo.
Hapehape o ka nna wa akaretsa Maemo ohle a Tekolo a Sephetho sa ho Ithuta sa 1 (Nalane) ? sebedisa matsatsi le mantswe a kang ngwahashome, ngwahakgolo mabapi le ho tsamaya ha nako mme o a hlophise ka tshwanelo. Hape o ka netefatsa kakaretso ya Maemo a bobedi a Tekolo a Sephetho sa ho Ithuta sa 3 ? lekola o be o kgethe dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona hore o di tsebise ba mophatho wa hao le meuseamo wa sekolo.
Ha selemo se ntse se tsamaya, o tla lokela ho netefatsa hore Maemo ohle a Tekolo a kereiti ka nngwe a fihleletswe.
Dikamano pakeng tsa Thuto le pakeng tsa Dithuto tse fapaneng
Ho na le dikamano tse ngata pakeng tsa Nalane le Jokorafi dithutong tsa Mahlale a Phedisano tse hlahellang ho Diphetho tsa ho Ithuta, Maemo a Tekolo mmoho le ho kgetho ya dihlooho tsa tsepamiso ya tsebo. Hohle moo ho kgonehang o lokela ho kgohalletsa dikamano tsena.
Hape ho tla ba le dikamano tse ngata tse lokelang ho etswa pakeng tsa Mahlale a Phedisano le dithuto tse ding tse kang Bonono le Botjhaba, Mahlale a Tlhaho, Tlwaetso ho tsa Bophelo, Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso. Bongata ba tsona bo tla bonahala ho tsepamiso ya tsebo eo o e kgethileng.
Ho rera mmoho le basebetsi ba bang ho tla dumella matitjhere ho shebana le dikamano tse hlahellang pakeng tsa dithuto tse hlahellang mophatong ka mong le ho etsa Mananeo a ho Ithuta a tsamaisanang hantle.
Menyetla e kang mosebetsi wa ka hara setjhaba, ho etela ditsha tse fapaneng, diporojeke, ho ithuta, mmoho le mesebetsi e meng e jwalo, di lokela ho shejwa ka kopanelo le matitjhere a rutang dithuto tseo.
Mananeo a ho Ithuta a Mahlale a Phedisano
Lenaneo la ho Ithuta le hlalosa ka ho otloloha hore ho lebelletswe sephetho sefe sa ho Ithuta le hore Maemo a Tekolo e tla ba afe mmoho ho le tsepamiso ya tsebo e lokelang ho fihlellwa mophatong ka mong. Ha mananeo ana a behwa mmoho mephatong e meraro, lenaneo lena le fetoha mmapa wa se tla ithutwa ka nako ya dilemo tse 9 tsa mophato wa Thuto e Akaretsang.
Ho etsa Shejuli ya Mosebetsi ya mahlale a Phedisano
Kgetho 1
Ha ho ralwa morero wa selemo, sheba hore selemo se na le dibeke tse kae tsa ho ruta. Ho na le dibeke tse ka bang 40 tsa ho ruta kereiting ka nngwe Mophatong o Bohareng. Ha o qeta moo, arola tsepamiso ya tsebo ya Nalane le Jokorafi ka dihlooho. Re fana ka mohlala wa Mophato o Bohareng.
Ho etsa mohlala, ho na le dihlooho tse ka bang nne tsa Nalane le tsa Jokorafi tsa kereiti ya 5.
Dihlooho tsa Nalane kereiting ya 5:
Tswelopele ya maswetso ya Afrika ? Ekgepeta/Nubia
Tswelopele e le nngwe ya maswetso e ikarolang ho tse ding lefatsheng ka bophara, khr. mabopo a noka ya Indus
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika e ka Borwa ho fihla dilemo tsa 1600
Dihlooho tsa Jokorafi kereiting ya 5
Sebopeho sa naha ya Afrika Borwa
Dikamano pakeng tsa sebopeho le diketso tsa batho
Maemo a lehodimo ho ya ka dibaka tsa Afrika Borwa
Dikamano pakeng tsa dihlahiswa tsa tlhaho le diketso tse amang moruo (tse kang merafo le ho hlahisa dintho) Afrika Borwa.
Setjhaba: ho hasana le ho kgobokana ha setjhaba naheng ya Afrika Borwa.
Bophelo le ho phela ha setjhaba.
Jwale fana ka nako e lekanang sehloohong ka seng morerong wa hao wa selemo. Jwalo ka ha e le mona ho ena le dibeke tse ka bang 30 tsa ho ruta kereiting ya 5 le dihlloho tse ka bang 8 tseo ho ka buuwang ka tsona, sehlloho ka seng se lokela ho fuwa dibeke tse ka bang 4. O ka nna wa lokisa morero wa hao ho ya ka moo o hlokang ka teng.
Jwalo ka ha ho bontshitswe ka hodimo, o lokela ho kgetha Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a loketseng bakeng sa sehlooho ka seng. Hopola ho etsa matsapa a hore Maemo ohle a Tekolo a a akaretswa. Ho etsa mohlala, Sephetho sa ho Ithuta 2 (Nalane) sa kereiti ya 5 se etswa ka tsela e latelang: Moithuti o tla kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya Nalane. A mang a maemo a tekolo a tsamaisanang le sena a hlahella tjena: o fana ka mabaka mme o hlalosa diphetho tsa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba neng ba phela ka yona maemong a itseng. Ha o phetla maqephe a tsepamiso ya tsebo ya kereiti ya 5 ho Nalane, ho buuwa ka dithuto tsa tswelopele ya maswetso (Ekgepeta/Nubia), hape le dintlha tsa bohlokwa tse amang ditjhaba tsena tse kang tema e bapetsweng ke tikoloho phedisanong le tseleng eo ditjhaba tsena di sebedisang dihlahiswa ka yona. Ka tsela eo, ho bohlokwa hore motho a utlwisise ho phalla ha noka ya Nile selemo le selemo le hore ke hobaneng sena se thusa ho ntshetsa pele tlhahiso ya dijo ka tsela ena, le hore ho bolokwa ha dijo ho ne ho sa tlwaeleha ka dilemo tsa 1900BC. Sena se ka bapiswa ha bonolo le batho ba Khoi-Khoi ba neng ba phela ka dimela tsa mahwatateng hobane dijo tse nkang nako e telele di ne di sa tuma ho bona. Ho tseba hore ditjhaba tsa pele di ne di itlhophisa jwang, haholoholo setjhaba sa Manubia.
Se latelang ke diqotso tsa merero ya selemo e bontshang sehla sa 1 sa kereiti ya 5 ya Mahlale a Phedisano. Sena e mpa e le mehlala feela, ha se molao.
Kgetho 1:A
Titjhere e nngwe bakeng sa Nalane le Jokorafi, a fapanyetsa dithuto tsa Nalane le tsa Jokorafi.
Kereiti 5: Sehla 1 Morero wa Thuto wa Mahlale a Phedisano
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Kgetho 1:B
Kereiti 5: Sehla 1 &2 Morero wa Thuto wa Nalane
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Beke 9
Beke 10
Beke 11
Beke 12
Beke 13
Beke 14
Beke 15
Beke 16
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Kgetho 1:C
Matitjhere a mabedi, e mong ke wa Nalane mme e mong ke wa Jokorafi moo dithuto tsena di rutwang ka nako e le nngwe, ka tsela ho sebediwa halofo ya nako beke ka nngwe ha ho bapiswa le ho A le B.
Kereiti 5: Sehla 1 Morero wa Thuto wa Mahlale a Phedisano: Nalane le Jokorafi
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Dintho tse lokelang ho elwa hloko ha ho rerwa thuto ya Mahlale a Phedisano
Sethwantsho se ka tlase se bontsha dintho tsa bohlokwa tse lokelang ho elwa hloko ha ho rerwa dithuto.
Ho bohlokwa ho hopola hore Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo di tshwanela ho bontsha tsepamiso ya tsebo.
Morero wa thuto ke karolo e momahaneng ya mosebetsi/karolo/sehlooho kapa bongata ba dithuto. Merero ya thuto e ka fapana ka bolelele ho tloha thutong e le nngwe ho ya o tse ngata, mme e kenyelletsa tlhahlobo. Ho na le mehlala ya merero ya thuto ho karolo ya 5.
Ho rera thuto hantle ho kenyelletsa tse latelang:
Dipheo tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo di bohlokwa ha ho rutwa le ha ho ithutwa.
Baithuti ba nka karolo ka botlalo
Disebediswa tse hlokehang di tla fumanwa
Ditlhahlobo mmoho le ditsela tsa ho hlahloba di se di rerilwe.
Baithuti ba tla tseba ditebello tseo o tlang ho ba hlahloba ka o ipapisitse ka tsona pele ba qala ka mosebetsi.
Ka bokgutshwanyane, ho rera nako e sa dumela ho o dumella hore tsamaise thuto ya ka phaposing ya sekolo hantle. Ho fanwe ka mehlala e mmedi ya ditsela tsa ho rera thuto karolong ya 4. O tla kgetha e nngwe hara tsena kapa ho iketsetsa ya hao.
Ho tloha therong ya thuto ho ya tlalehong le ho rekoteng: tsela ya ho rera
Setshwantsho se ka hodimo se bontsha se lokelang ho etswa ha ho rerwa thuto. Mohlaleng o mong, diphetho le Maemo a Tekolo di se di fanwe mme di hloka feela hore di tshwauwe pampiring eo di hlahellang ho yona. Mohlaleng o mong teng, di tla ngolwa mmoho le ditaba tse ding. Kgetho e hlahellang ho tsepamiso ya tsebo ke tsela eo Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a ka hlahiswang ka yona.
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo: Thutong e tsamayang ka diphetho, baithuti ba sebeletsa ho fihlela Diphetho tsa Thuto e itseng. Maemo a Tekolo a bontsha boemo boo baithuti ba bontshang tsebo ya bona ya diphetho mme hape a bontsha tsela e latelwang ke thuto.
Dipotso tsa Bohlokwa di tla shebana le dintho tsa bohlokwa, mathata, dihlooho, le bokgoni bo lokelang ho fihlelwa. Matitjhere le baithuti ba ka botsa dipotso tse itseng tsa bohlokwa. Hona ke qaleho e loketseng tseleng ya ho iketsetsa diphuputso tsa Sephetho sa hi Ithuta 1 dithutong tsa Nalane le Jokorafi.
Mesebetsi ya ho Ithuta e lokela ho kgethwa hore e fane ka tsebo, bokgoni, le kutlwisiso e hlalositsweng ho Maemo a Tekolo. Ho bohlokwa ho dumella baithuti ho ba le menyetla e mengata hore ba fumane bokgoni bo hlokehang. Fapanya mesebetsi ya ho ithuta hore baithuti ba nang le ditsela tse fapaneng tsa ho ithuta ba fumane monyetla.
Ditlhahlobo ke mesebetsi e etseditsweng ho hlahloba le ho rekota mosebetsi/bokgoni ba moithuti mabapi le Diphetho tsa ho Ithuta. Mesebetsi ena ha e a fapana haholo ho e meng, empa di arolwa ho e meng bakeng sa ditlhahlobo. Mesebetsi e ikgethileng ya ho hlahloba le yona e ka nna ya etswa. Baithuti ba sebetsang le titjhere ba ka fana ka dikarolo tsa mosebetsi wa tlhahlobo.
Ho rekota mesebetsi ya ho ithuta ho ka nka o mong feela wa mekgwa e mengata:
Ho hlokomela ho lebisang ho ngolweng fatshe
Bopaki bo fumanwang ho titjhere, moithuti ka boyena, dithaka tsa hae, kapa ho hlahlobana e le dihlopha tse hlophitsweng ho ya ka maemo a moithuti
Ho hlahloba ka tshebediso ya ho kala tshebatso e tswang ho dipehelo tsa tlhahlobo
Matshwaoa tswang mesebetsing ya ditlhahlobo. Ke mesebetsi ya bohlokwa feela e tla ngolwa pampering ya tlhahlobo. Pampiri ya ho rekota diphetho e fapana ho ya ka dikolo le diprovense.
Ho tlalehela baithuti ka sephetho sa mosebetsi wa bona ho bohlokwa bakeng sa tswelopele ya moithuti. Hape ho bohlokwa hore re tlalehe mosebetsi wa moithuti makgetlo a mangata ho bohle ba amehang. Motheo wa tlaleho o itshetlehile katlehong ya moithuti ho fihlella Maemo a Tekolo mmoho le Diphetho tsa ho Ithuta. Ho tlaleha ho lokela ho totobatsa hore jwale moithuti o se a le hkae le hore ho tshwanela ho lokiswe hokae. Ho tshwanela hore ho kgonehe ho hlalosa ditlaleho o ipapisitse ka bopaki bo bokelletwseng hara selemo mme ba behwa mosebetsing wa moithuti.
Tjhadimo ke ntho ya bohlokwa ho titjhere le ho moithuti. E thusa titjhere ho hlokomela dikatleho tse fihlelletsweng therong ya thuto. Hape e lokela ho bontsha dikarolo tse sa kang tsa sebetsa ka tshwanelo. Hape tjhadimo e lokela ho fana ka ditsela tsa hore ho ka lokiswa hokae selemong se latelang. Sena se ka kenyelletsa dikgothaletso tse itseng mabapi le ho fetola Maemo a itseng a Tekolo, kgetho ya tsepamiso ya tsebo mesebetsi ya ho ruta le ho ithuta. Mohlala wa pampiri ya tjhadimo o a fumaneha karolong ya 4. Baithuti ba tshwanela ho kgothalletswa ho shadima mosebetsi wa bona le ho iketsetsa dipehelo tsa nako e tlang.
KAROLO3
MOPHATO O MAHARENG
MOITHUTI WA MOPHATO O MAHARENG
Mophato o mahareng o bohlokwa hobane o sebediswa ke sehlopha se itseng sa baithuti ho tloha dilemong 8-14 ho kereiti 4 ? 6.
Mophatong ona, baithuti:
Ba angwa ke maikutlo ke ka moo diketso tsa bona di tshwarang ba bang.
Ba qalella ho hlokomela bohlokwa, ho lakatsa le dintho tse buuwang ke ba bang.
Ba kgona ho etsa dintho ka kopanelo ha ba le bangata ka tsela e bobebe.
Ba thabela dintho tse ntjha tseo ba iketsetsang tsona.
Ba qalella ho ba le takatso ya ho nka karolo ya dithuto tsa bona.
Ho batla ho kgotsofatsa tjantjello ka tsa lefatshe ka ho iketsetsa diphuputso ka bobona.
Ho qalella ho batla botsitso ho feta, ka lehlakore le leng ba bontsha bokgoni
Ho ba le boikemisetso le ho tseba tsamaiso.
Ho tseba haholo ho iphumanela, ho rekota le ho sebedisa tlhahisoleseding
Ho tseba haholo ho batlisisa, ho tshwantsha le ho shebisisa hantle.
HOBANENG SEE SE LE BOHLOKWA MAHLALENG A TLHAHO
Baithuti ba MOPHATO O MAHARENG, ba qala ho nahana ka tsela e hatetseng pele, ha ho bapiswa le menahano ya bona mophatong o tlase: tswelopele e bonahala ho hoba le bokgoni le ho etsa dintho ka ho nahana pele o etsa ketso. Ba ka nahana tsela tse fapaneng menahanong hape ba kgona ho lokisa tsela ya ho etsa dipatlisiso.
Tsela eo ba etsang dintho ka yona e a hola le ho nahana tsela tse ngata tsa ho etsa dintho ho ba thusa ho bona le ho hlalosa dintho tse bobebe tse kopanang mahareng a dintho, ha eba ntho eo e kenyelletsa dintho tseo ba di sebedisitseng kapa ba kopaneng le tsona. Baithuti ba kereiti 4 ba kopana le mathata ho hopola dintho ka ho latellana. Ba ka nahana tsa pele le tsa ho qetela tse etsahetseng, empa ba hopole tseo le tseo mahareng. Baithuti ba kereiti 6, ba ka hopola tatellano e etsahetseng ha ba fetola tsela eo ya ho etsa dintho.
Mohlala, moithuti a ka lokisa, a sebedisa kelello le menahano, ka moo mahlasedi a fetohang bolelele le moo a shebileng, mahareng a ha ho hlaha letsatsi le ha le dikela.
Ba na le bokgoni bo betere ba puo le hore ba bona betere. Sena se ba dumella tsela e hodimo ya ho lokisa mehopolo.
Mohlala , baithuti ba MOPHATO O MAHARENG ba tseba phapang pakeng tsa ? ho qhibidiha? le qhibidihile kapa mahareng a ?tauli e omang? le ?metsi a tjheleng.?
Bokgoni ba puo ena bo bontsha tsela e hodimo ya ho tseba dintho.
Ba kgona ho nahana ka moo ba bonang dintho ka teng le ho hlokomela mme ke hona ba kgonang bona dintho tse akaretsang le tema e bapalwang ke thekenoloji maphelong a batho.
KGETHO LENANEONG LA HO ITHUTA MOPHATONG O MAHARENG
Karolo ena e fana ka dipehelo ho aha Lenaneo la ho ithuta mophatong o mahareng. Ditsela tse tharo tsa ho etsa Lenaneo la ho ithuta di hlalositswe. Ha o etsa Lenaneo la ho ithuta, SHEJULI YA MOSEBETSI kapa morero wa mosebetsi, ho bohlokwa ho hopola hore tekolo le ho boloka mosebetsi wa moithuti di etswa kaofela e le e nngwe ya dintho tse ahwang.
Ka ha dipehelo ho fanwe ka tsona ke lefapha la thuto la naha, diprovense di tla etsa dipehelo ha ho hlokeha ho etsetsa hore batho bohle ba kgone ho di utlwisisa.
Dikolo di ka batla palo le mokgwa o akaretsang Lenaneo la ho ithuta o tsamaelanang le seo ba se etsang sekolong. Lenaneo la ho ithuta le tlameha ho etsa hore diphetho tse kgethuweng tsa TIKOLOHO YA HO ITHUTA di etswa ka botshepehi le ka tsela e ntle.
Lebaka la ho ntshetsa pele Lenaneo la ho ithuta ke ho lokisa dintho tse latelang:
Le ha e le mona ho ena le diphetho tse robedi, ho bohlokwa ho hopola hore tsebo ha e hlahelle ka tsela e le engwe. Ho na le ho kopana mahareng le tikolohong YA HO ITHUTA.
Ha o rera ho bohlokwa ho sebedisa diphetho tikolohong YA HO ITHUTA e nngwe ho phahamisa TIKOLOHO YA HO ITHUTA e nngwe.
Kamano ena e ka bontsha ho kopana ho itseng empa ha e a tlameha ho ba kamano e qobelletsweng ho etsetsa feela hore ho be teng kamano TIKOLOHO YA HO ITHUTA .
Ho sebedisa tsela tse itseng ho di kopanya, ho etsetsa ho be le basebetsi ba fumanehang le ho lokisa ho tlala dikolong, ho etsahalang mophatong O MAHARENG, ho ka nna ha etsahala hore:
Titjhere e le nngwe e tlameha ho ruta kaofela tikoloho ya thuto ka phaposing ya sekolo.
Titjhere e le nngwe e tlameha ho ruta kaofela tikoloho ya thuto tse ka hodimo ho e le nngwe ho dikereiti tse fapaneng.
Titjhere e le nngwe e ruta ditikolohong tse ngata le dikereting tse ngata.(ho ka nna ha ba le di tlhophiso tse itseng dikolong ka ho fapana.)
Ditsela tsena tse boletsweng di tla thusa ho lokisa mathata haholoholo hobane matitjhere a tla iketsetsa mananeo ho ithuta.
Ho a utlwisiseha hore ditikoloho tsa ho ithuta tsena bobedi ba tsona di tlameha ho sebediswa mophatong O MAHARENG . Hape puo le dipalo e tla ba di fapane Lenaneo la ho ithuta. Ho bohlokwa ho bolela le ho boloka mabaka. Matitjhere a tla boloka tsela eo baithuti ba sebeditseng ka yona kgahlano le Diphetho tsa ho Ithuta le DIPEHELO TSA TEKOLO tse kgethwang ho etsa mosebetsi.
SE BOLELWANG KE KENYELLETSO YA DIBAKA TSA HO ITHUTA
Ho kopanya tikoloho ya thuto ho tlamehile ho kenyelletse tsebo, bokgoni, mohopolo le boitshwaro sephethong le tikolohong e nngwe le engwe.
Diphetho tsa ho Ithuta di na le pehelo ya tekolo e shebaneng le kereiti e nngwe le e nngwe le ha ho rera ho qala ka Diphetho tsa ho Ithuta ntho ya bohlokwa ke tsela eo di DIPEHELO TSA TEKOLO di kopanang, tse ding di ka qhalakanngwa le di DIPEHELO TSA TEKOLO ho tse ding Diphetho tsa ho Ithuta. Tsebo ya TIKOLOHO YA HO ITHUTA le mehopolo, mehopolo kapa dihlooho ha se qaleho ha o rera kopano. Le ha ho le jwalo, ho bohlokwa ho fumana katleho ho diphetho le hore di bonwe e le tseding tsa ho rera.
E nngwe le e nngwe tikoloho ya thuto e na le mehopolo ya yona le tsebo ya teng, empa ho fumana katleho ya tsebo ka bo yona kantle ho bopa bokgoni bo tswelletseng ha se ntho e batlehang ho OBE.
BOHLOKWA BA HO HLOPHISA
Ha o hlophisa ho bohlokwa ho ela hloko hore:
Titjhere o tseba TIKOLOHO YA HO ITHUTA hakaakang ho etsetsa ho di kopanya le ho di hlahloba hantle.
Seriti sa TIKOLOHO YA HO ITHUTA se tshwanela ho bolokwa .
Ho rera tekolong ho etsuwa e le karolo ya ho rera mesebetsi. Ho bohlokwa ha o di kopanya ho phatlalla le tikoloho. Ho bohlokwa ho thibela mosebetsi o mongata ho thusa le ho ruta maikutlo a matitjhere a hore ba etsa tekolo haholo.
Le hore nako e sebediswang e tlamehile e tsamaelane le molao wa mmuso.
Tsela tse fapaneng tsa ho ruta le ho ithuta di ka sebediswa ho thusa se etswang ka phaposing ya sekolo.
Ho sebedisa disebediswa tse teng ho tlameha ho hlophiswa le ho disebediswa tse seng teng empa di hlokeha di tlameha ho batlwa mme ho fanwe ka tsona.
TSELA TSE DING TSE KA SEBEDISWANG
Tsela tse latelang tse ka sebediswang ho boletswe hore di ka kopanngwa Diphetho tsa ho Ithuta mananeong la ho ithuta, re ntse re hopola hore puo le dipalo ke di fapane lenaneong la ho ithuta. Ho hlophisa ho kopanya Lenaneo la ho ithuta, ho qala ka ho sheba le ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta tse tsamaelanang le tikoloho ya thuto tse kopantsweng le ha o hlophisa ho tloha ho Lenaneo la ho ithuta ho ya ho tlhophiso ya dithuto, matitjhere a qala ka ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta le dipehelo tsa thuto.
KGETHO 1: LENANEO LA HO ITHUTA LE TSWA HANTLE TIKOLOHONG YA HO ITHUTA
Hona ho bolela hore tikoloho ya thuto ke mananeo a ho ithuta ho na ha ho bolele hore ha hona menyetla ho Lenaneo la ho ithuta ho di kopanya, haholoholo ha eba ho nyollwa thuto, ho ruta le tekolo.
Ka boikgethelo bona matitjhere a ka batla ho kopanya Diphetho tsa ho Ithuta le DIPEHELO TSA TEKOLO tikolohong YA HO ITHUTA . Matitjhere a hlahloba tsela eo bana ba sebeditseng ka yona le di DIPEHELO TSA TEKOLO le ho fana ka diphetho kgahlano le Diphetho tsa ho Ithuta.
KGETHO 2: TIKOLOHO YA HO ITHUTA E ITSENG E KOPANNGWA LE TIKOLOHO E NNGWE YA HO ITHUTA
Mohlala:
Mahlale a Tlhaho le thekenoloji.
Tsamaiso ya tsa moruo, Mahlale le Thekenoloji kapa
Tsamaiso ya tsa moruo Mahlale le mahlale a setjhaba , kapa
Thuto ka tsa setjhaba le bonono le botjhaba, kapa le ha ele motswako ofe wa tikoloho ya ho ithuta.
Kgethong ena, bapisa Diphetho tsa ho Ithuta tsa ditikoloho tsena tse pedi tsa ho ithuta mme o kopanye dipehelo tsena tsa Tekolo ka tshwanelo. Ho na le mehlala e meng ya Lenaneo la ho ithuta le kopantsweng moo Diphetho tsa ho Ithuta di ka etsuwang di le ding.
Matitjhere ha a a tlameha ho ngola Diphetho tsa ho Ithuta kapa Diphetho tse ntjha tsa Tekolo. Ba hlahloba kgahlanong le dikarolwana tsa tekolo mme ba rekota Dipehelo tsena tsa Tekolo ho latela seo mosebetsi wa bona o tshwanelang ho tsamaya ka teng.
Ba tlaleha ditaba tsena mabapi le Diphetho tsa ho Ithuta.
Kgetho 3: ho kopanyetsa ha nako e kgutshwane
Kgethong ena ho na le kopanyetso ya nako e kgutshwane dithutong kaofela moo ho fumanehang kamano ho Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo.
Mohlala:
Sephetho sa Mahlale a Phedisano le Bonono le Botjhaba
Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso le Thekenoloji le Sephetho sa ho Ithuta
Mahlale a Tlhaho le Mahlale a Phedisano (Jokorafi)
Thekenoloji le Bonono le Botjhaba (ho kopanya ka mekgwa e meng e fapaneng).
Matitjhere a hlahloba le ho rekota a ipapisitse le Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo a e nngwe le e nngwe ya Dithuto tse kopantsweng. Tlaleho e etswa ho ipapisitswe le Diphetho tsa ho Ithuta.
Ditshwantsho tse latelang ke mehlala ya hore dikgetho tsena di ka rerwa jwang Dithutong tse fapaneng:
Morero wa Thuto
Setshwantsho se ka hodimo ke sona se tla o tataisa. Dibaka tse sirilweng di bontsha hore toboketso ke e nyenyane. Ha o shebile mehlala ena o tla tseba:
Hore Lenaneo la Thuto le etswa jwang
Hore morero wa thuto o amanang le sena o etswa jwang
Ditaba tse latelang di bontsha bonyane bo bontshitsweng dibakeng tse tlatsitsweng boemong ka bong:
Lenaneo la ho ithuta: (mohlaleng re fane ka tsela ya moqoqo eo ho ka sebetsanwang le Lenaneo la ho Ithuta ka yona, empa sena se ka ngolwa ka ditsela tse ding tse ngata. Se bohlokwa ke hore dintlha tsa bohlokwa di be teng.):
Maemo a Tekolo
Boemo (ebang e shebane le Thuto feela) ? dithuto tsa Mahlale a Phedisano di tla sebedisa Tsepamiso ya Tsebo mona,
Mona ho tla sebediswa ditaba tse tshwanang le tse hlahellang dikarolwaneng tse tsamaisanang le tsona Lenaneong la ho Ithuta ho kenyelletswa le
Mesebetsi ya tlhahlobo (hopola hore o tshwanetse o bonahale o ?ala? mesebetsi ena e mehlano ya tlhahlobo e hlahelang Thutong.)
Disebediswa tse hlokehang (ebang di le teng)
Menyetla ya hore kenyelletso e ka ba teng
Morero wa Thuto:
Mona ho tla sebediswa ditaba tse tshwanang le tse hlahellang dikarolwaneng tse tsamaisanang le tsona shejuling ya mosebetsi mmoho le:
Nako e nkuwang thutong ka nngwe
Ha ho shejwa pele le morao ? ho hlahisa maikutlo ka bokgutshwanyane
Letoto la mesebetsi ya ho ithuta le tlhahlobo
Bopaki ba hore baithuti ba nang le ditlhoko tse ikgethileng le bona ba a hlokomelwa.
Mananeo a ho Ithuta a Mahlale a Phedisano
Mahlale a Phedisano a na le mekgwa e mmedi e totobetseng: Nalane le Jokorafi. Tsona di bohlokwa ka tsela e lekanang Thutong. Le ha ho le jwalo sena ha se bolele hore thuto e nngwe e bohlokwa ho feta e nngwe.
Mahlale a Phedisano a ikemiseditse ho etsa batho ba nang le tsebo, ba kgonang ho sekaseka taba le ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba se fetofetohang. Hape di ikemiseditse ho thusa baithuti hore ba nke karolo e bonahalang ho Afrika Borwa ya demokrasi. Ka tsela eo, Mahlale a Phedisano a lokela ho nka karolo ho tlisa kutlwisiso le ho fetola setjhaba le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba kgone ho iketsetsa diqeto bakeng sa diohetoho tse loketseng.
Phuputso
Moithuti o tla tseba ho sebedisa mekgwa ya ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno
Moithuti o tla tseba ho sebedisa mekgwa ya ho fuputsa ditaba tse amang jokorafi le tikoloho
Moithuti o tla kgona ho supa tsebo le kutlwisiso ya ditaba tsa kgale
Moithuti o tla kgona ho supa tsebo le kutlwisiso ya ditaba tsa sebaka le tikoloho
Ho ipotsetsa
Moithuti o tla kgona ho hlalosa ditaba tsa Nalane
Moithuti o tla kgona ho etsa diqeto mabapi le ditaba le mathata a amang setjhaba le tikoloho
Maemo a Tekolo a bontsha tswelopele ho ntshetsopele ya dintho, tsebo, bokgoni le tsamaiso ho ya ka dikereiti tse fapaneng mephatong e fapaneng. Maemo ana a bontsha hore ho lebelletswe bokgoni bo bokae sephethong kapa sehlopheng sa diphetho tse fapaneng kereiting ka nngwe. Bokgoni ba baithuti ho Diphetho tsa ho Ithuta bo hlahlojwa ka hore na moithuti o kgona ho bontsha bopaki ba hore o kgona ho etsa dintho tse botswang ho Maemo a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisiso, mmoho le bokgoni bo fihletsweng mophatong o fetileng.
Mophatong o Tlase bokgoni bo tsamaisanang le Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a Mahlale a Phedisano di fumaneha ka hara lenaneo la ho ithuta la: Tlwaetso ho tsa Bophelo (bala tokomane ya Mophato o Tlase).
Ha e le Mophatong o Mahareng teng Mahlale a Phedisano a shebana le nalane ya sebaka kapa setereke mmoho le ditaba tse amehang tsa batho ba ahileng moo, disebediwa le ditshebeletso sebakeng seo, batho ba bohlokwa, nalane ya dipalangwang le maeto ho tsamayeng ha nako, ho hlahiswa ha dijo Afrika Borwa, ho fihlelleha ha dijo le metsi, mmapa, mmoho le ho fana ka mehlodi e akaretsang ya ditumelo tse kgolo tsa lefatshe. Kgetho ena ya tsepamiso ya tsebo e tswa mohopolong wa hore mona ho shebanwe le mothuti, thahasello eo a nang le yona ya ho ithuta phedisano ya batho ba kgale, mmoho le kutlwisiso ya sebaka seo a leng ho sona; ho tloha ho tse tsejwang ho ya ho tse sa tsejweng, e leng se tla mo fa kutlwisiso ya hore toropo ya habo e fumaneha ka hara provense le naheng efe. Dithutong tsa Jokorafi mmapa o bohlokwa haholo. Bonolo ba ho utlwisisa mmapa bo etsa hore baithuti ba hlokomele ka mokgwa oo dintho tse tshophodi di ka utlwisisehang ka teng ha motho a di shebile. Maeto a tlamang a ka ntle ho sekolo le ona a bohlokwa hobane a fa moithuti monyetla wa ho shebisisa ntho le ho mo fa monyetla wa ho sebedisa seo a ithutileng sona bophelong.
Mophatong o Phahameng Mahlale a Phedisano a shebane le ho fetofetoha ha batho ha nako e ntse e tsamaya, ditsela tsa kgale tsa kgwebo, ho tsamaela dibakeng tse fapaneng, demokrasi, Tsoho-matla ya Mafora, nako ya diindasteri, kgolo ya setjhaba le phetoho, taolo ya Manyesemane le phehisano ya bona, ho thehwa ha dikoloni, thekenoloji ya ngwahakgolo wa mashome a mabedi, (Ntwa ya Pele ya Lefatshe), tsa dipalangwang, ditaba tse amang ditokelo tsa batho le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Kgethollo e neng e le teng Afrika Borwa, ho se lekalekane ha batho Afrika Borwa, diphapang tsa setjhaba le tikoloho Afrika Borwa, nako ya Nutlelere, Ntwa e Batang, dikotsi tsa tlhaho, disebediwa tsa tlhaho, mmapa, ho dula ha setjhaba dibakeng tse fapaneng, ditsela tsa ntshetsopele, tshebediso e tswellang ya disebediswa.
Ha ho tluwa ho tlhahlobo: ditsela tsohle tsa tlhahlobo di tla etswa kereiting ka nngwe. Le ha ho le jwalo, ho lokela hore tlhahlobo kaofela e shejwe ke tsela e itseng, le ho etsa hore ho be teng tswello ho ya ka dikereiti mephatong e fapaneng.
Mabapi le disebediswa teng: ho bohlokwa thutong ena hore baithuti ba fumane disebediswa tse loketseng, ebang e le hore ke diatlelase, dibuka tsa nalane, mmapa, mabokose a tsa tikoloho, jj.
Sepheo sa rona maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho ?etsa? dithuto tsa Nalane le Jokorafi. ?Ho etsa Nalane? le ?ho etsa Jokorafi? phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere ba sebetsa ka ?disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong? tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi.
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothaletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona ba ntse ba shebile le taba ya ho etsa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo ? kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe ka mehlodi ya tlhahisoleseding le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona.
Sohle se boletsweng dirapaneng tse ka hodimo ? ke ho fana ka tjhadimo ya dintho tse lokelang ho etswa mananeong a itshetlehileng sekolong a ho ithuta. Sena se ka nna sa ba le dibopeho tse fapaneng khr. sebopeho sa tafole. O se ke wa lebala hore e kenyelletsa le shejuli ya mosebetsi. Ka tsela eo, o ka hlokomela hore sena se ka hodimo ke kakaretso eo e leng yona motheo wa shejuli ya mosebetsi, mme hape e tsamaelana le dithero tse etswang sekolong tse kang nako ya ho etela meusiamo le sehlopha sa hao sa baithuti, jj.
HO ETSA SHEJULI YA MOSEBETSI MAHLALENG A PHEDISANO
Kgetho 1
Ha ho ralwa shejuli ya mosebetsi, sheba hore selemo se na le dibeke tse kae tsa ho ruta. Ho na le dibeke tse ka bang 40 tsa ho ruta kereiting ka nngwe Mophatong o Bohareng. Ha o qeta moo, arola tsepamiso ya tsebo ya Nalane le Jokorafi ka dihlooho. Re fana ka mohlala wa Mophato o Bohareng. Ho etsa mohlala, ho na le dihlooho tse ka bang nne tsa Nalane le tsa Jokorafi tsa kereiti ya 5.
Dihlooho tsa Nalane kereiting ya 5:
Tswelopele ya maswetso ya Afrika ? Ekgepeta/Nubia
Tswelopele e le nngwe ya masetso e ikarolang ho tse ding lefatseng ka bophara, khr. mabopo a noka ya Indus
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika e ka Borwa ho fihlla dilemo tsa 1600
Dihlooho tsa Jokorafi kereiting ya 5
Sebopeho sa naha ya Afrika Borwa
Dikamano pakeng tsa sebopeho le diketso tsa batho
Maemo a lehodimo ho ya a dibaka tsa Afrika Borwa
Dikamano pkeng tsa dihlahiswa tsa tlhaho le le diketso tse amang moruo (tse kang merafo le ho hlahisa dintho) Afrika Borwa.
Setjhaba: ho hasana le ho kgobokana ha setjhaba naheng ya Afrika Borwa.
Bophelo le ho phela ha setjhaba.
Jwale fana ka nako e lekanang sehloohong ka seng morerong wa hao wa selemo. Jwalo ka ha e le mona ho ena le dibeke tse ka bang 30 tsa ho ruta kereiting ya 5 le dihlooho tse ka bang 8 tseo ho ka buuwang ka tsona, sehlooho ka seng se lokela ho fuwa dibeke tse ka bang 4. O ka nna wa lokisa morero wa hao ho ya ka moo o hlokang ka teng.
Jwalo ka ha ho bontshitswe ka hodimo, o lokela ho kgetha Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo a loketseng bakeng sa sehlooho ka seng. Hopola ho etsa matapa a hore Maemo ohle a Tekolo a a akaretswa.
Se latelang ke diqotso tsa merero ya selemo e bontshang sehla sa 1 sa kereiti ya 5 ya Mahlale a Phedisano. Sena e mpa e le mehlala feela ha se molao.
Kgetho 1:A
Titjhere e nngwe bakeng sa Nalane le Jokorafi, a fapanyetsa dithuto tsa Nalane le tsa Jokorafi.
Kereiti 5: Sehla 1 Morero wa Thuto wa Mahlale a Phedisano
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Kgetho 1:B
Kereiti 5: Sehla 1 &2 Morero wa Thuto wa Nalane
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika Borwa
Beke 9
Beke 10
Beke 11
Beke 12
Beke 13
Beke 14
Beke 15
Beke 16
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Kgetho 1:C
Matitjhere a mabedi, e mong ke wa Nalane mme e mong ke wa Jokorafi mo dithuto tsena di rutwang ka nako e le nngwe, ka tsela ho sebediwa halofo ya nako beke ka nngwe ha ho bapiswa le ho A le B.
Kereiti 5: Sehla 1 Morero wa Thuto wa Mahlale a Phedisano: Nalane le Jokorafi
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Meaho ya Afrika Borwa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Mefuta ya dihlahiswa
Beke 1
Beke2
Beke3
Beke4
Beke5
Beke6
Beke7
Beke8
Nalane
Nalane ya lehae kapa setereke
Nalane ya molomo le mekgwa (sebedisa dipale tse tswang setjhabeng)
Batho
Dibaka
Ditsha tsa sekolo
Disebediswa
Dibaka kgale
Ditumelo
MT3
Mabitso a Dibaka
MT 2/3
Mabitso a Dibaka
MT 2/3
MT 2/3
Mabitso a Dithaba
Mekgwa ya ho phedisana
Disebediswa tsa sebaka le mathata ao ho kopanwang le ona ntle le tsona
Jokorafi
Mefuta ya meaho le mebila
Tlhophiso
Mahae/ditoropo
Boholo ba sebaka
Mefuta ya disebediswa le mesebetsi ya tsona
Dikgwebo
Diindasteri
Lefatshe le metsi (J) Seph.3:MT1-3
Ditshebeletso tsa thuto le meriana
Mmapa
Ditswantsho tsa mmapa, dinotlolo, dipolane, mosebetsi wa keriti, ho fuputsa dingolwa le metjha (dibaka tse 8 tsa khampase), se tshwarehang/bonahalang, tsa dipolotiki, mmapa wa diprovense tsa Afrika Borwa. Ditaba tsa diprovense le ditoropo tse kgolo.
Beke9
Beke10
Beke 11
Beke12
Beke13
Beke14
Beke15
Beke16
Nalane
Nalane ya molomo le mekgwa (sebedisa dipale tse tswang setjhabeng)
Batho e le mehlodi ya ditaba tsa kgale
Ditokelo tsa botho
Mabitso a dibaka tsa bohlokwa
Diketso tsa botjhaba tsa tikoloho
Ho botsa baetapele ba ditaba tsa kgale dipotso
Ho botsa ba dipolotiki le dikereke dipotso
Dipale tsa malapa
Dipale tsa ditjhaba ka ho fapana (baetapele ba dikereke le dipolotiki)
Jokorafi
Disebediswa le ditshebeletso tsa sebaka mmoho le mathata a teng
Ho etsa dijo Afrika Borwa
Dibaka tse tala, dipaka, dibaka tse bulehileng le tsa boithabiso
Temo le bopolasi ka tsela ya ho iketsetsa tjhelete
Dijalo tsa bohlokwa tse lenngweng
Mmapa jwalo ka dibekeng tsa 1-8
Mmapa e bontshang mefuta e fapaneng ya tsa temo e rutwang
Beke17
Beke18
Beke 19
Beke20
Beke21
Beke22
Beke23
Beke24
Nalane
Ditokelo tsa botho
Baetapele ba Afrika Borwa le Lefatshe ka bophara ho tsamayeng ha nako
Ho hlaha ha ditumelo tse kgolo tsa lefatshe tse teng Afrika Borwa
Ho bona bohlokwa ka ditokelo tsa botho
Dintho tse qollang baetapele ba nnete ba banna/basadi ka kutlwisiso ya Afrika Borwa
Boemo ba lefatshe
Fatshe, lewatle, moyeng
Ditumelo tsa botjhaba tsa Maafrika
Jokorafi
Tlhahiso ya dijo Afrika Borwa
Dijalo tse lengwang haholo Afrika Borwa
Mekgwa ya mantlha ya ho rua diphoofolo le mefuta ya diphofolo tsa Afrika Borwa
Mmapa
Ditswantsho tsa mmapa, dinotlolo, dipolane, mosebetsi wa keriti, ho fuputsa dingolwa le metjha. Mmapa e bontshang mefuta e fapaneng ya temo Afrika Borwa
Beke25
Beke26
Beke 27
Beke28
Beke29
Beke30
Beke31
Beke32
Nalane
Ho hlaha ha ditumelo tse kgolo tsa lefatshe tse teng Afrika Borwa
Demokrasi le Ditokelo tsa Botho sekolong le lapeng
Sejuta
Sekresete
Sehindu
Sekolo
Phaposing
Ka hara setjhaba/lapeng
Jokorafi
Tlhahiso ya dijo Afrika Borwa
Ho fumaneha ha dijo le metsi
Ho fumaneha ha ditlhapi Afrika Borwa
Ditlamorao tsa tlhokeho ya metsi le dihahammele
Ditsela tsa ho fumana metsi le dijo maemong a fapaneng a pele le a kajeno
Tshebediso e bohlale ya dihlahiswa tsena
Mmapa ya lefatshe e bontshang dikontinente le mawatle, ditaba tse amang dikontinente, mawatle, mmedi, ditoropo tse kgolo
Shejuli ya Mosebetsi wa Mophato o Mahareng ya Kereiti ya 5
Beke 1
Beke 2
Beke3
Beke4
Beke5
Beke6
Beke7
Beke8
Nalane
Ho ka buuwa ka ditaba tsa nalane feela kapa ha etswa kenyelletso jwaloka kholamong e latelang
Disebediswa: ho tla buuwa le batho ba hodileng, ditshwantsho tsa lehae le batho, mohlodi wa mantlha le wa ditaba tse tswang dingolweng tse ding ,
Mofuta ya tlhahlobo:mosebetsi wa phuputso le ho ngola tlaleho
Ditaba tse ngotsw3ng ho tswa dingolweng tse ding, ditjhate;mmapa;ditlaleho tsa nalane
Mofuta wa tlhahlobo: mosebetsi le tlaleho
Ho itseba ha setjhaba
Botjhaba le tsebo ya maswetso
Mmuso wa provense le matshwao
Tema ya baetapele ba kgethilweng ka demokrasi
Ditsela tsa ho nka karolo ho demokrasi(N)Seph.2:MT2
Tswelopele ya Afrika
Tshebediso ya dihlahiswa
Thekenoloji le kgwebo
Jokorafi
Ho tsamaya le sehla sa dithuto. Sebopeho sa Afrika Borwa
Sebaka seo dintho di fumanehang teng, dithaba, dibaka tse phahameng, tsa mawatleng, dinoka le tse ding (J) Seph2:MT1
Dikamano pakeng tsa dibaka le diketso tsa batho ho kenyelletswa le tsela eo diketso tsa batho di nang le kgahlamelo ka yona ho tikoloho (J) Seph2:MT1 le 3
Disebediswa:Mmapa, diatlelase
Mokgwa wa tlhahlobo: ho sebedisa tsebo eo moithuti a e fumaneng;
Beke 9
Beke 10
Beke 11
Beke 12
Beke 13
Beke 14
Beke 15
Beke16
Nalane
Tswelopele ya pele Ekgepeta/Nubia
Tswelopele ya pele lefatsheng ka bophara (mohlala o le mong feela)
Puisano
Tlhaho
Disebediswa
Thekenoloji le kgwebo
Puisano
Ditumelo
Kgahlamelo tikolohong
Jokorafi
Dikarolo tsa naha ya Afrika Borwa ho ya ka maemo a a lehodimo
Disebediswa
Dikamano le ho dula ha batho sebakeng le ekhonomi
Dikamano pakeng tsa disebediswa tsa tlhaho le mesebetsi ya ekhonomi ha mmoho le kgahlamelo ya tsona nakong ena le nakong e fetileng
Beke 17
Beke 18
Beke 19
Beke 20
Beke 21
Beke 22
Beke 23
Beke 24
Nalane
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika e ka borwa ho fihlela 1600 (Diph1;2;3)
Badisa
Boramapolasi ba Maafrika
Jokorafi
Disebediswa
Setjhaba
Disebediswa tse sebediswang hangata kapa tse lahlwang ha di qeta ho sebediswa ho shejuwe haholo metsi le matla
Ho hasana le ho kgobokana ha ditjhaba Afrika Borwa le Afrika e ka borwa. Dintho tsa tlhaho le tsa phedisano tse amang ditjhaba tsena.
Kutlwisiso ya mmapa ho kenyelletswa le diseketjhe, ho ngola mmapa, ho sebedisa indekse. Hlahisa taba ya sekeile le ho fumana ditaba ho tswa mmapeng e fapaneng
Beke 25
Beke 26
Beke 27
Beke 28
Beke 29
Beke 30
Beke 31
Beke 32
Nalane
Ditjhaba tsa pele tsa Afrika e ka borwa ho fihlla 1600
Boramapolasi ba Maafrika
Ho sebedisana ha mmoho le diqhwebeshano
Tsela eo tikoloho e hahlamelang ditjhaba ka yona
Jokorafi
Bophelo le thekolohelo Afrika Borwa
Ho ba teng ha mefu a fapaneng le mefuta ya mafu Afrika Borwa, hokenyelletswa le mafu a fumanehang merafong
Sheba hore ke hobaneng batho ba bang ba le kotsing ho feta ba bang
Ditsela tsa ho fokotsa menyetla ya mafu, ho tlisa thibelo
Kutlwisiso ya mmapa ho kenyelletswa le diseketjhe, ho ngola mmapa, ho sebedisa indekse. Hlahisa taba ya sekeile le ho fumana ditaba ho tswa mmapeng e fapaneng
Shejuli ya Mosebetsi wa Mophato o Mahareng ya Kereiti ya 6
Beke 1
Beke 2
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Nalane
Tsamaiso ya ditjhaba tsa Afrika
Mapungubwe
Motheo, thekenoloji le kgwebo, ditumelo, borui, tshebedisano le diqhwebeshano.
Motheo, thekenoloji le kgwebo, ditumelo, borui, tshebedisano le diqhwebeshano.
Jokorafi
Ho hasana ha ditjhaba lefatsheng
Dibaka tsa lefatshe ho ya ka maemo a lehodimo
Ho hasana le ho kgobokano ya batho, shadima ditoropo tse ka sehloohong, dibaka le dinaha, bapisa
Dibaka tse batang le tsa dithemphereitjhara
Dibaka tsa tropikale le seka-tropikale
Dibaka tsa dithemphereitjhara le maemo a dipula, biomes, hokahanya dibaka tsa maemo e lehodimo le ho tsamaya ha batho le tshebediso ya disebediswa
Tshebediso ya mmapa ? sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng.
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Beke 9
Beke 10
Beke 11
Beke 12
Beke 13
Beke 14
Beke 15
Beke 16
Nalane
Tsamaiso ya ditjhaba tsa Afrika
Ho hahlaula le ho qhekanyetsa ha mengwahakgolo ya 14 ho ya pele
Asia
Jokorafi
Dibaka ho ya maemo a lehodimo
Kgwebo le Ntshetsopele
Mahwatata
Ditsela tseo dihlahiswa tsa mantlha le tshebediso ya disebediswa le basebetsi dinaheng tse tswelang pele di tshehetsang dinaha tse ruilleng ka yona. Ho hweba ka dihlahiswa tse lokelang ho fetolelwa ho tse ding dinaheng tse ka Borwa mmoho le dihlahiswa tse seng di qetilwe ho hlaha Leboya
Tshebediso ya mmapa ? sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng.
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Beke 17
Beke18
Beke19
Beke20
Beke21
Beke22
Beke23
Beke24
Nalane
Ho hahlaula le ho qhekanyetsa ha mengwahakgolo ya 14 ho ya pele
Nalane ya meriana
Kgahlamelo bathong ba maswetso
Ho sibolla meriana
Jokorafi
Ho se hlomphe ditokelo tsa botho , ho senya tikoloho, ho hloka phumantsho ya disebediswa,menyetla, le mosebetsi
Mehlala e metle ya merero ya ntshetsopele e bontshang ditsela tsa ho arolelana disebediswa le ho fokotsa bofuma
Tshebediso ya mmapa ? sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng.
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Beke25
Beke26
Beke27
Beke28
Beke29
Beke30
Beke31
Beke32
Nalane
Nalane ya meriana
Demokrasi Afrika Borwa
Meriana le pheko ya setso
Demokrasi Afrika Borwa: Matshwao a mmuso
Matshwao
le 3
Jokorafi
Ditaba tsa tikoloho
Tema e bapetsweng ke batho ho lahlehelweng ke dintho tsa tlhaho, dinthong tse kang ho nyamela ha matangwana,
Mobu ho fela ha meru le ho nyamela ha dimela le diphoofolo.
Tshebediso ya mmapa ? sebeletsa hodima bokgoni bo seng bo fihletswe dikereiting ntse fetileng.
Tshebediso e tlwaelehileng ya mmapa e bontshang ditaba tse fapaneng, setjhaba, dimela, maemo a lehodimo. Moo dinaha tse fapaneng di fumanehang teng.
Kgetho 2
Diphetho tsohle tse 16 tsa ho Ithuta Mahlaleng a Phedisano di dumella keyelletso mohlaleng ka mong. Lebaka la sena ke hobane Diphetho tsa ho Ithuta Mahlaleng a Phedisano di entswe ka tsela e etsang hore di dule di sebediswa mmoo ka dinako tsohle.
Ho ba le mathata ha motho a kopanya Dithuto tse pedi tse fapaneng. Taba ya pele, Thuto ka nngwe e etsedistswe hore e ikemele e le nngwe e bontsha tsela Polelong e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, mme ho kopanya dintho tse ngata ho ka lebisa moo Thuto e fellwang ke moelelo teng.
Le ha ho le jwalo, ho ka nna ha kopanngwa ka mokgwa o itseng le ha e le hore ho lokela hore ho kopanngwa hona ho se ka ha qobellwa. Ho bohlokwa hore motho a qale a shebane le kamano pakeng tsa dithuto tse fapaneng bakeng sa hore motho a qale ka ho kopanya Dithuto tse pedi a di etse Thuto e le nngwe.
Hopola hore bakeng sa ditlhahlobo Diphetho kaofela tsa ho Ithuta, mmoho le Maemo a Tekolo Thutong ka nngwe kereiting ka nngwe di lokela ho filelwa le ha eba Dithuto di kopantswe.
PONTSHO YA MERERO YA THUTO
Mehlala e meraro eo re fanang ka yona e tsamaelana le dikamano pakeng tsa Bonono le Botjhaba ha mmoho le Mahlale a Tlhaho le a Tsamaiso.
Di sebedisa dibaka tsa tlwaelo tsa kamano moo karolo e itseng ya tsebo thutong ka nngwe e sebedisanang le e nngwe mme hape e matlafatsa boiphihlelo ba moithuti.
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano le a Tlhaho Kereiti ya 4
Nako: Dibeke tse 4
Ho tla shejwa Diphetho tse latelang tsa ho Ithuta: Mahlele a Phedisano 1-3
Tsebo ya mantlha/maemo:
Disebediswa tsa ho etsa dijo ditjhabeng tsa ditsomi
Dipotso tsa Bohlokwa:
O ka fumana ditjhaba tsa ditsomi hokae ka hara naha ya Afrika e ka borwa?
Fumana mohlodi wa ditjhaba tsena Afrika e ka borwa.
Fuputsa o be o hlalose ditsela tsa ho rala tse kang sebopeho, mola, ho tshwarehaha disebediswa, dintho tsa bonono, disebediswa
Bapisa ditshwantsho tse neng di sebediswa ke ditsomi mme o hlokomele disebediswa tseo batho bana ba neng ba di sebedisa ho etsa dijo.
Na ebe disebediswa se di arohile jwang ho tse sebediswang kajeno?
Na ebe disebediswa tsee di ne di sebediswa jwang ho etsa dijo bakeng sa setjhaba ka nako eo le ya hona jwale?
Bolela hore na setsomi se ne se ka reng ka tshebediso ya disebediswa tsa bona mme o bapise sena le seo batho ba fihlileng pele Afrika Borwa ba neng ba ka se bolela ka disebediswa tsa bona.
Ebang o ne o phela ka nako eo, na o ne o ka ntlafatsa ho etswa ha dijo ka tsela efe?
O ne o tla hloka dintho dife ho etsa disebediswa tse tshwanang le tsa bona? Bokella dintho tseo mme o etse disebediswa.
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Rekota le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng. (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Ho sebedisa tlhahisoleseding e tdwang mehloding ho araba dipotso mabapi le batho, doketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse fapaneng ho knyelletswa le ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama, motjeko lw mmino.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng tse mabapi le ho feta ha nako jwalo ka kgale, botjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo (ho latedisa nako.)
Fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketso tsa batho maemong a itseng nakong ya kgale.(sesosa le ditlamorao)
Hlokomela ho tshwana le diphapang tse teng pakeng tsa ditsela tsa pele le tsa kajeno tsa ho etsa dintho maemong a itseng. (ho tshwana le phapang)
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela hore ho ka nna ha eba le mehopolo e mmedi mabapi le ketsahalo e itseng ya pele (phetolelo ya mehlodi)
Kgetha a be a fane ka mabaka a kgehto ya dintho tse itseng tse tsamaelanang le ditaba tsa kgale tsa Sebeka seo ho ithutwang ka sona.
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho .
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba lw mathata a phedisano le tikoloho.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela ditaba ho tswa mehlodi e fapaneng (mmapa, diatlelase, dibuka)
Hlophisa ditaba tlasa dihlooho tse itseng.
Hlokomela ditshwantsho tse sebediswang mefuteng e fapaneng ya mmapa (ho kenyelletswa le ditswantsho tsa dipoalne, dikgeriti, le tharollo ya mmapa)
Ho fumana dibaka ka ho sebedisa tsela ya kgeriti le ditlhalosetso.
Hlokomela meedi ya bohlokwa ya sepolotiki le dibaka tsa bohlokwa tsa batho le tikoloho mmapeng o moholo.
Sebedisa tlhahisoleseding ho tswa mehloding (ho kenyelletswa ho iponela ka boyena) ho araba dipotso tse amananang le batho ha mmoho le dibaka jwalo ka: ?hobaneng e le ka mokgwa oo??
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Sebedisa mantswe a tsamaelanang le jokorafi le tikoloho ho tlaleha ka ditsela tse fapaneng (khr. ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono).
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlalosa matshwao a bodulo ba batho, ho kenyelletswa le tshebediso ya lefatshe, mme a bapise ditaba tsena le mehlala ya dibaka tse ding. (batho le dibaka).
Halosa bohlokwa ba ho fihlella disebediswa le ditshebeletso tse itseng tsa batho ba phelang dibakeng tse itseng (batho le disebediswa)
Hlalosa hore ditlhoko tsa batho di ile tsa kgotsofatswa nakong ya pele le ya kajeno. (batho le tikoloho)
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela dinth tse amanang le disebediswa le ditshebeletso maemomg a itseng a ikgethileng. (Hlohomela dintho).
Hlokomela mabaka a etsang hore batho ba bang ba be le disebediswa tse ngata ho feta a bang maemong a itseng. (mabaka a qosang sena)
Hlahisa ditsela tsa ho ntlafatsa ho fihlelleha ha disebediswa maemong a itseng. (etsa kgetho).
Moithuti o kgona ho bontsha ka tsela e sekasekang le e supang boqhetseke ditabeg tsa bonono le tsa botjhaba, dihlahiswa le ditsela tsa nako ya kgale le ya kajeno.
Bonono bo bonwang: o kgona ho bontsha araba le ho hlalosa ditshwantsho, meralo le dintho tsa bonono botjhabeng bo itseng ditshwantsho mabapi le tsebo, sebopeho, mola, ho tshwarehaha disebediswa, sebaka le dintho tse sebediswang ha ho sebediswa mareo a loketseng.
Moithuti o tla kgona ho qala, ho fetolela le ho fana ka mosebetsi ka ditsela tse fapaneng tsa bonono.
Terama: sebedisa disebediswa tse tswang ka ntle ho pheta dipale le ho hlahisa dibapadi.
Dipotso tsa Bohlokwa
Mesebetsi e tsamaisanang le ho Ithuta
Sheba hore ditjhaba tsena di fumaneha hokae mmapeng.
Fuputsa o ntanoo hlalosa dintho tse kang sebopeho, motjha, le tshwareho ya mesebetsi ya bonono ya matsoho le disebediswa tse ding.
Bapisa o be o bontshe phapang pakeng tsa ditsela tse fapaneng tsa ho hlahisa dijo nakong e fetileng le ya kajeno. Sebedisa ditshwantsho, dihlahiswa tsa bonono, dipale ha mmoho le mehlala.
Bona hore o tla hloka disebediswa dife ho rala le ho etsa disebediswa tse tshwanang le tsona. Bokelle popeho ya dintho tseo mme/kapa o etse dintho tse tla sebediswa.
Ithute ka maikutlo a fapaneng a ditsomi mabapi le disebediswa tsena.
Tshwantshisa bophelo ba ditsomi ka hohle ka moo ho ka kgonehang.
Ithute ka mehopolo le ditsela tsa hore ditjhaba tsena di ile tsa ntlafatsa ditsela tsa ho etsa dijo maemong ao ba neng ba le ho ona.
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Tlhaloso e mabapi le moralo wa dintho e ka ngolwa kapa ya fanwa ka tsela ya dikerafo.
Mekgahlelo e ka bokella kapa ya bontsha disebediswa tse hlokehang ho rala kapa ho etsa dintho.
Dipapiso ha mmoho le ho se tshwane ho ka bonsthwa ka tsela ya dikerafo ka tsela ya ho bapelana kapa ka tsela diratswana.
Baithuti ba sebedisa tse pedi tsa ditsela tse tsheletseng tsa tlhahlobo
Kgetha o be o hlophise ditswantsho tse amehang le mmapa hore ho tle ho qetwe mosebetsi
O kgona ho bona tshwano kapa phapang pakeng tsa ditsomi tsa kgale le ditjhaba tsa kajeno.
O kgona ho bua ka ditshwantsho, meralo, dihlahiswa tsa bonono a sebedisa puo e loketseng.
O kgona ho bona mehopolo e fapaneng.
O etsa ditlhahiso tse tla ntlafatsa maemo
O kgona ho tshwantshisa ka tsela e boemong bo hodimo
O kgona ho etsa sethwantsho sa ho hong ka tsela e boemong bo hodimo
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
MORALO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano le a Tlhaho Kereiti ya 6
Nako: Dibeke tse 4
Diphetho tsa ho Ithuta:
Maemo a Tekolo
Tsebo ya mantlha/boemo:
Meriana ya Setho
Dibaka tseo sena se etsahalang ho tsona lefatsheng
Dimela tse sebediswang jwalo ka meriana
Dipotso tsa bohlokwa:
Ke dife ditlhokomelo tsa bongaka tse neng di le teng ditjhabeng tsa pele tsa Afrika?
Ke ditjhaba dife tse neng di sebedisa kapa tse ntseng di sebedisa meriana ya Setho?
Tema ya dimela ke efe ho etsa meriana ya kajeno (kenyelletsa le tse tebelang dikokonyana)?
Dimela tsee di fumanwa le ho lengwa hokae lefatsheng?
Ebe tahlehelo ya tikoloho kapa meru e ka ba le ditlamorao dife bokamosong ba meriana?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Bona mehlodi e tla o thusa ho araba dipotso tse mabapi le tabakgolo (tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.)
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang bakeng sa mabaka a ikgethileng ho tswa mehloding e fapaneng (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Hlophisa ditaba ka tsela le ka ho latela nako ha ba araba dipotso tse itseng ka batho, diketsahalo, dintho le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo ya bona ya ditaba tsa kgale ka ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ka ho sebedisa dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama. Sebedisa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ha e le teng le moo ho hlokehang.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Ho beha diketsahalo, batho, le diphetoho ho ya ka tatellano ya nako e kenyelletswang dintho tse kang ?BC?, ?AD?, ?CE?, ?BCE? (tatellano ya nako).
Fana ka mabaka le ho hlalosa doketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong a fapaneng (sesosa le ditlamorao).
Bona dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa kang tsa fetoha ka mora nako maemong a fapaneng. (phetoho le tswelo pele).
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Bapisa mahlakore a mabedi a diketsahalo tsakgale a sebedisa mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng.
Ho arola mehopolo ho nnete le tlhahisoleseding (phetolelo ya ditaba tsa mehlodi).
Bona le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona, ho bontsha sehlopha, meusiamo ya sekolo kapa moo o bolokwang ditaba tsa setjhaba (boemedi).
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho .
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba le mathata a phedisano le tikoloho.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
hlokomela mehlodi ya ditaba, ho kenyelletswa le dipalopalo tse bonolo ho araba dipotso kapa mathata a mabapi le phedisano le tikoloho
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang ho tswa mehloding bakeng sa mabaka a itseng (a kenyelletsang ho rekota le ho hlokomela sebaka).
Ho fumana dibaka tse amehang mmapeng a sheba ka ho ya hodimo kapa lehlakoreng.
Ho sebedisa tlhahisoleseding ho supa tharollo ya mathata a itseng.
Tlaleha ka ho etsa dipuisano, diphehisano, ho ngola, dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
hlalosa hore ho tla jwang hore batho ba bangata ba phele sebakeng se itseng ho feta ba bang. (batho le dibaka)
hlokomela hore ho fihlella dintho tse itseng ho ba le tshusumetso e kae ntshetsopeleng ya sebaka. (batho le disebediswa)
hlalosa ditsela tseo setjhaba se fetotseng tikoloho ka yona. (batho le tikoloho).
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba.
Sekaseka tse ding tsa dintho tse lebisang ho se lekaneng ha batho phedisanong le tikolohong dibakeng tse fapaneng. (mabaka a qosang taba ena)
Sekaseka diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng. (ho etsa kgetho).
Moithuti o tla bontsha kutlwisiso ya dikamano tse teng pakeng tsa mahlale le thekenoloji, mahlale le tikoloho.
O utwisisa mahlale a thekenoloji ka nalane le tsebo ya mantlha: o hlalosa o tshwana ho teng mathateng le ho ditharollong setjhabeng sa hae le ho ditjhaba tse ding nakong ya hona jwale, e fetileng le e tlang.
Dipotso tsa bohlokwa
Mesebetsi e tsamaisanang le ho Ithuta
Buisana ka meriana le pheko ya setho
Sheba hore batho ba kgale ba Afrika ba neng be sebedisa meriana le pheko ya setho ba fumaneha kae mmapeng.
Ebe ke batho bafe hape ba ba neng kapa ba ntseng ba sebedisa meriana le pheko ya setho. Bontsha moo ba phelang kapa moo ba neng ba phela.
Sheba tema ya dimela merianeng ya kajeno (ho kenyeletswa le dimela tse tebelang dikokonyana).
Moo dimela tsena di fumanehang teng lefatsheng. Bontsha dibaka tseo dintho tsena di fumanehang teng lefatsheng. Fuputsa hore di lengwa hokae bakeng sa ho iketsetsa tjhelete. (ebang ho le jwalo).
Fuputsa tema eo ditaba tsa tikoloho di ka bang le yona ditabeng tsa bayodaevesithi le ho fediswa ha meru bokamosong ba meriana nakong e tlang. (sebedisa ditaba tse kang tsa morui potlana wa Kenya e le mohlala wa ho fokotsa bofuma)
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Tlhaloso ya itaba tse amang meriana le pheko ya setho e ka ngolwa
Sephetho sa diphuputso se ka ngolwa.
Dibaka tseo ho fumanwang dimela tsena ho tsona di ka bontshwa mmapeng le ditshwantshong. Dimela tse itseng karolong ena di ka manehwa.
O kgetha a be a hlophise ditshwantsho le mmapa hore a tle a phethele mesebetsi.
O kgona ho hlalosa tsela eo karolo e itseng ya setjhaba e kgonneng ho dula e sa fetohe.
O kgona ho hlalosa mathata le ditharollo tse ka bang le kgahlamelo e itseng temeng eo dimela di nang e yona ho meriana ya nako ena le nakong e tlang.
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
MORALO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano le a Tlhaho Le a
Moruo le Tsamaiso Kereiti ya 5
Nako: Dibeke tse 4
Diphetho tsa ho Ithuta: 1-3
Maemo a Tekolo
Tsebo ya mantlha/boemo:
Ditsela tsa ho phela tse neng di le teng le tse tswelang pele ho ba teng Afrika Borwa.
Dipotso tsa bohlokwa:
Ebe ke efe mehlala ya ditsea tsa ho phela tse neg di fumaneha Afrika Borwa nakong ya pele?
Ke dintho dife tse neng di arola ditsela tsee tsa ho phela ho tse ding?
Ke ditsela dife tsa ho phela tse bonahalang kajeno Afrika Borwa?
Ke dintho dife tse arolang ditsela tsee tsa ho phela ho tse ding kajeno?
Ke disebediswa dife tse neng di sebediswa ho tswedisetsa pele maphelo nakong ya ho feta?
Ke disebediswa dife tse sebediswang Afrika Borwa ho tswedisetsa pele bophelo kajeno?
Ke mathata afe ao batho ba kgale ba neng ba kopana le ona ka disebediswa, mme kajeno teng batho ba kopana le mathata afe?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Kgetha mehlodi e bohlokwa ya ho fumana ditaba tsa kgale ka ho tataiswa (khr. tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.)
Rekota le ho hlohisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng (khr. tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.)
A tswela pele ho sebedisa ditaba tse tswang mehloding ho araba diopotso ka batho, diketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse ngata ho knyelletswa le ho bontsha ditaba tsa kgale ka diratswana tse kgeutshwanyane, dikerafo tse bonolo, mmapa, ditshwantsho, mesebetsi ya bonono, diphoustara, mmino, terama le motjeko. O sebedisa Thekenoloji ya Tlhajisoleseding ebang e le teng le moo ho hlokehang.
Sebedisa dinako le mantswe a kang ngwahashome, ngwahakgolo mabapi le ho tsamaya ha nako le ho e hlophisa ka tsela (ho hlophiswa ha nako)
Fana ka mabaka le ho hlalosa diphetho tsa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba phelang ka yona maemong a itseng (sesosa le ditlamorao).
Ho hlokomela tshwano le diphapang tse teng ditseleng tse fapaneng tsa ho phela dibakeng le dinakong tse fapaneng (tshwano le phapano).
A hlokomela hore ho ka nna ha eba le ditsela tse ngata tse bontshang diketsahalo tsa kgale ho ka nna ha eba le ditsela tse pedi tsa ho pheta ketsahalo e le nngwe phetolelo ya mehlodi.
Hlokomela le ho kgetha dintho tse supang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona ho fana ka tsona sehlopheng kapa meusiamong wa sekolo (boemedi).
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho .
Seph3: Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba lw mathata a phedisano le tikoloho.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Kgetha le ho sebedisa mehlodi e na ng le ditaba tsa bohlokwa tsa jokirafi ka ho tataiswa ho kenyelletswa dikerafo, mmapa, mosebetsi wa ka ntle ho phaposi ya sekolo tshebediso ya mosebetsi wa ka ntle.
Arola pakeng tsa ditaba tsa nnete le mohopolo feela.
Hlophisa ditaba.
Rala mmapa le/kapa dipolane ho tswa mosebetsing wa ka ntle ho phaposi ya sekolo.
Sebedisa indekse ho fumana dibaka tse fapaneng tleloupung le mmapeng wa atlelase.
Hlokomela le ho bona ditharollo tsa mathata a itseng.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ya dintho ka tshebediso ya diporojeke, dipuisano, diphehisano le ditjhate.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela le ho hlalosa dibaka tse hlahelletseng ka mahetla Afrika Borwa ho kenyelletswa provense ya moithuti ka mong. (batho le dibaka)
Hlokomela dikamano pakeng tsa disebediswa tsa thaho le mesebetsi e amang moruo afrika Borwa. (batho le disebediswa)
Hlalosa ditsela tseo ka tsona tikoloho e nang le tshusumetso ka teng mesebetsing ya batho le hore batho ba na le kgahlamelo e kae hodima tikoloho. (batho le tikoloho)
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela diphephetso ditjhabeng le bathong mabapi le mahloko a itseng
Hlalosa dintho tse etsang hore batho ba bang ba be tsietsing ya mahloko ho feta ba bang. (mabaka a amang ditaba tsena)
Hlahisa tsela e lokileng ho hlaha ho tse ding tse ngata tsa ho fokotsa menyetla ya mafu. (etsa kgetho)
Moithuti o tla kgona ho bontsha kutlwisiso ya kgolo e tswellang, kahobotjha le ntshetspele le ho supa ka tsela e fatisisang ditabeng tse amehang.
Maemo a Tekolo
A hlaosa diphetoho tseleng ya batho ya ho phela le maemong a bophelo le ditsela tsa sebedisa dintho tse itseng ho tloha ditjhabeng tse ikgonang ho ya ho tsa sejwalejwale.
Dipotso tsa bohlokwa
Mesebetsi e tsamaisanang le ho Ithuta
Bontsha hore bahto bana ba ne ba phela hokae mmapeng. Fuputsa o be o fumane hore batho ba ne ba phela jwang nakong ya kgale Afrika Borwa. Sheba tsela eo ba neng ba phela ka yona, seo ba neng ba se ja, le hore ba ne ba sebedisa eng; fuputsa tsela ya bona ya ka nako eo ya bophelo.
Fumana o be o bolele dintho tse supang tsela ya bophelo e teng Afrika Borwa kajeno. Bontsha tsena ka tsela ya kerafo.
Ka ho sheba disebediswa tse neng di sebediswa ke batho ba fapaneng, hlokomela a mang a mabaka a tlisitseng diphetoho tsena.
Fuputsa tshebediso ya disebediswa nakong ya jwale le e fetileng.
Fuputsa hore ke hobaneng le hore ke ha jwang Maafrika Borwa a hlaloswang e le setjhaba sa batho ba sebedisang dintho, sena se bolelang, le hore ditlamorao tsa sena ke dife (ebang di le teng) le hore ho ka etswang ka taba ena.
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Sheba hore baithuti ba ngotse ka eng bakeng sa ditsela tsa kgale tsa ho phela.
Sheba tsela eo baithuti ba bontshitseng ditsela tsa kajeno tsa ho phela.
Sheba tsela eo baithuti ba fupuditseng tshebediso ya disebediswa nakong ya kgale le ya kajeno.
Sheba sebopeho sa tsela eo dipotso di botswang ka yona ho fumana tsebo mabapi le disebediswa nakong ya kajeno.
Tlhahlobo e tswang Maemong a Tekolo
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse fapaneng
Lokodisa ditaba tse amehang ka tsela e loketseng
Bontsha tshwano le phapang ka ho hlaka le ka bokgutshwanyane
Na ebe ditharollo tse fanweng di a fihlelleha?
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Nalane Kereiti 6
Nako:??????????????????.
Diphetho tsa ho Ithuta:
Maemo a Tekolo:
Tsepamiso ya Tsebo/tabakgolo
Dipotso tsa bohlokwa:
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Bona mehlodi e tla o thusa ho araba dipotso tse mabapi le tabakgolo (tsa molomo, tse ngotsweng le tse bonwang ho kenyelletswa mmapa, dikerafo, ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo.)
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang bakeng sa mabaka a ikgethileng ho tswa mehloding e fapaneng (khr. ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Hlophisa ditaba ka tsela le ka ho latela nako ha ba araba dipotso tse itseng ka batho, diketsahalo, dintho le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo ya bona ya ditaba tsa kgale ka ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ka ho sebedisa dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama. Sebedisa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ha e le teng le moo ho hlokehang.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Ho beha diketsahalo, batho, le diphetoho ho ya ka tatellano ya nako e kenyelletswang dintho tse kang ?BC?, ?AD?, ?CE?, ?BCE? (tatellano ya nako).
Fana ka mabaka le ho hlalosa doketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong a fapaneng (sesosa le ditlamorao).
Bona dikarolo tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa kang tsa fetoha ka mora nako maemong a fapaneng. (phetoho le tswelo pele).
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Bapisa mahlakore a mabedi a diketsahalo tsakgale a sebedisa mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng.
Ho arola mehopolo ho nnete le tlhahisoleseding (phetolelo ya ditaba tsa mehlodi).
Bona le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale tseo ho ithutwang ka tsona, ho bontsha sehlopha, meusiamo ya sekolo kapa moo o bolokwang ditaba tsa setjhaba (boemedi).
Dikamano tse ka bang teng le Nalane
Dikamano tse ka bang teng le Dithuto tse ding
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Nalane Kereiti 6
Nako:??????????????????.
Diphetho tsa ho Ithuta:
Maemo a Tekolo:
Tsepamiso ya Tsebo/tabakgolo
Dipotso tsa bohlokwa:
Diphetho
Maemo a Tekolo
Patlisiso ya Jokorafi/Nalane
Ho etsa diqeto mabapi le ditaba tsa ditaba/phetolelo ya Nalane
Kopanyo ya dithuto
Pakeng tsa Nalane le Jokorafi
Le Dithuto tse ding
Disebediswa
Mesebetsi ya ho Ithuta
Mesebetsi ya ho hlahloba
Tlhahlobo
Ela Hloko: ditsela tsa ho hlahloba di tswa ho maemo a sebedisitswenga tekolo
Tlaleho
Baithuti
Ba bang
Tlhahlobo ka boyena
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Jokorafi Kereiti 6
Tsebo ya mantlha/boemo
Sesosa le ditlamorao tsa bofuma
Dipotso tsa bohlokwa:
Dintho tse bakang bofuma ke dife?
Ke ditsela dife haholo tseo batho ba hlophehang ka tsona?
See se etsahala hokae lefatsheng?
Ditlamorao tsa bofuma ke eng?
Ho ka etswa eng ho fikotsa bothata boo?
Diphetho
Maemo a Tekolo
Bokgoni ba ho botsa hlokomela mehlodi ya ditaba, ho kenyelletswa le dipalopalo tse bonolo ho araba dipotso kapa mathata a mabapi le phedisano le tikoloho
Kgetha le ho rekota ditaba tse amehang ho tswa mehloding bakeng sa mabaka a itseng (a kenyelletsang ho rekota le ho hlokomela sebaka).
Ho fumana dibaka tse amehang mmapeng a sheba ka ho ya hodimo kapa lehlakoreng.
Ho sebedisa tlhahisoleseding ho supa tharollo ya mathata a itseng.
Tlaleha ka ho etsa dipuisano, diphehisano, ho ngola, dikerafo, ditafole, mmapa le ditshwantsho.
Tsebo le kutlwisiso hlalosa hore ho tla jwang hore batho ba bangata ba phele sebakeng se itseng ho feta ba bang.
hlokomela hore ho fihlella dintho tse itseng ho ba le tshusumetso e kae ntshetsopeleng ya sebaka.
hlalosa ditsela tseo setjhaba se fetotseng tikoloho ka yona
Ho etsa diqeto mabapi le ditaba tsa ditaba/phetolelo ya Nalane hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba.
Sekasdeka tse ding tsa dintho tse lebisang ho se lekaneng ha batho phedisanong le tikolohong dibakeng tse fapaneng.
Sekaseka diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng.
Kopanyo ya dithuto
Pakeng tsa Nalane le Jokorafi
Sheba dinaha tse ileng tsa ba le mathata a bofuma nakong ya pele le hore di ile tsa hlola mathata ao na.
Le Dithuto tse ding
Mahlale a Tlhaho: mafu a tsamaisanang le bofuma.
Tlwaetso ka Bophelo: dijo tse loketseng se hlokehang ho fihlella sena.
Disebediswa
Dibuka (ebang ho hlokeha)
Diatlelase (atlelase ya sekolo le ya Tikoloho)
Diwebesaete tse loketseng
Diensaetlelophedia
Mesebetsi ya ho Ithuta
Fumana maemo a bokgoni ba ho phela dinaheng tse fapaneng. Sebedisa ditaba tsena ho etsa papiso.
Hlalosa sesosa, ditlamorao, le bofuma. (etsa sena ka dihlopha hore o tle o kgone ho tlaleha)
Etsa mmapa ho bontsha dibaka tse anngweng.
Sekaseka le ho hlahisa ditharollo tse loketseng bkeng sa sebaka sa heno ebang bothata bona bo le teng sebakeng sa heno.
Mesebetsi ya ho hlahloba
Etsa tlaleho e tswang dihlotshwaneng
Bontsha tlaleho ya ditaba ka dikerafo
Mosebetsi o ngotsweng mabapi le ditharollo tse ka bang teng
Morero wa hore ho tla sebetswa jwang ho tlisa tharollo sebakeng sa lehae.
Tlhahlobo
Ho bokella ditaba
Ho bontsha ditaba ka dikerafo: bohlweki, ditaba tse nepahetseng, dihlloho, moralo, ho kenyelletsa ditshwantsho le ditafole.
Mosebetsi wa molomo
Bokgoni a ho ngola
Tlaleho
Baithuti
Ba bang
Tlhahlobo ka boyena
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Nalane Kereiti 4
Nako: ???????????????.
Tsebo ya mantlha/boemo: Nalane ya Lehae
Dipotso tsa bohlokwa:
Na sebaka see se fetohile hakae ka mora nako?
Na ho ne ho le jwang nakong ba bonkgobo le bontatemoholo ba moithuti?
Na ke meaoho le ditsha dife tse lokelang ho bolokwa le ho hlokomelwa?
Hobeneng di lokela ho hlokomelwa?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Rekota le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng. (khr.ya molomo, e ngotsweng, e bonwang, ho kenyelletswa le mmapa, dikerafo le ditafole, dintho, meaho, meaho ya sehopotso le dimeusiamo).
Ho sebedisa tlhahisoleseding e tdwang mehloding ho araba dipotso mabapi le batho, doketsahalo, dintho, le dibaka tsa kgale.
Ho bontsha tsebo le kutlwisiso ka ditsela tse fapaneng ho knyelletswa le ho buisana le diphehisano, ka ho ngola, ho ngola seratswana, ho ngola buka, ho hlophisa diphiustara, ditshwantsho ha mmoho le mesebetsi ya bonono le terama, motjeko lw mmino.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng tse mabapi le ho feta ha nako jwalo ka kgale, botjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo (ho latedisa nako.)
Fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketso tsa batho maemong a itseng nakong ya kgale.(sesosa le ditlamorao)
Hlokomela ho tshwana le diphapang tse teng pakeng tsa ditsela tsa pele le tsa kajeno tsa ho etsa dintho maemong a itseng. (ho tshwana le phapang)
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela hore ho ka nna ha eba le mehopolo e mmedi mabapi le ketsahalo e itseng ya pele (phetolelo ya mehlodi)
Kgetha a be a fane ka mabaka a kgehto ya dintho tse itseng tse tsamaelanang le ditaba tsa kgale tsa Sebeka seo ho ithutwang ka sona. (boemedi)
Dikamano tse ka bang teng le Jokorafi
Dikamano le Dithuto tse ding
Tlwaetso ka Bophelo le Bonono le Botjhaba
Dipotso tsa bohlokwa
Mesebetsi ya ho Ithuta
Disebediswa: Ditswantsho, mmapa, maqephe a mosebetsi bakeng sa leeto la ka ntle ho sekolo, batho ba baholo hore ba botswe dipotso, dibuka bakeng sa diphuputso, dipampitshana tsa bohahlaudi.
Hlahosa tabakgolo ka maqephe a motjhini, kapa ditshwantsho tsa sebaka. Moqoqo wa ka phaposing ya sekolo. Qoqang ka ditaba tse itseng mabapi le nalane ya sebaka.
Efa baithuti mmapa wa sebaka seo ba tla tsamaya ho sona. Qoqang ka tsela e tla nkuwa. Ba fe pampitshana ya mosebetsi mme o ba hlalosetse hore ho lebelletswe hore ba etseng.
Tsamayang, mme le se ke la etela dibaka tsa kgale feela, empa hape le etele seteishene sa mapolesa, sebaka seo setjhaba se kopanelang ho sona, ho ya ka hore ho ka fumanwa eng moo.
Dipotso ho batho ba baholo: memela batho ba baholo sekolong; hlophisa dipotso ha mmoho le baithuti. Bana ba tla botsa dipotso. Rekota dikarabo ka motjhini wa mantswe kapa ka ho ngola fatshe.
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Sebedisa ditaba tse fumanweng mesebetsi e ka hodimo mme o fane ka dibuka bakeng sa diphuputso tse ding.
Rala pampitshana ya bohahlaudi ya sebaka e kenyelletsang ho hlokomela meaho, meaho ya bohlokwa, dibaka tsa poloko ya tikoloho le mabaka a hore ke hobaneng dibaka tseo di lokela ho bolokwa le ho hlokomelwa. Pampitshana ena e lokela ho ba le mmapa o supang tsela e tla tsamauwa ha mmoho le ditaba tsa bohlokwa ka tsela eo.
Tlhahlobo
Sebedisa mantswe a tlwaelehileng mabapi le ho feta ha nako a kang kgale, botjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo (tokodiso ya nako)
Kgetha o be o fane ka mabaka a dintho tse kgethilweng (tse kang ditsha, meaho,jj), tse supang ditaba tsa kgale tsa sebaka seo ho ithutwang ka sona.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ya hao ka ditsela tse fapaneng.
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
Ho kopanya Nalane le Jokorafi ho kereiti ya 4 le Dithutong tsa Lehae
Sheba moralo le tsamaiso ya mosebetsi wa ka ntle ho phaposi ya sekolo, maeto a ditsha le dimeusiamo
Ho fuputsa sebaka sa lehae ke mokgwa o motle wa ho kopanya Jokorafi le Nalane. Ditaba tse latelang ke ditshisinyo tsa hore o ka hlophisa diphuputso jwang. Mohlala o fanweng ke wa noka e phallang ho parola sebaka sa ditoropo.
Ho bohlokwa ho baithuti ba kereiti ya 4 hore ba be le tlhahisoleseding e itseng pele ba ka qala ka diphuputso. Sena e ka ba ka tsela ya hore titjhere e ba qoqele ka noka nakong ya kgale kapa ya hona jwale ? khr. ditaba tsa nalane.
Mohato o latelang e ka ba ho botsa dipotso le baithuti ho lokisa diphuputso hantle. Ho ka hlokeha hore dipotso tsena e be tse amang tshebediso ya kgale ha mmoho le ya jwale ya noka ena le sebaka se mabapi le yona.
Mehlala ya dipotso tse ka arajwang moqoqong:
Ke bomang ba neng ba phela le ho sebedisa noka ee nakong ya pele?
Lebitso la noka ee le tswa kae? Ebe e ne e ena le lebitso le leng?
Lebitso lee le bolela eng?
Ho ile ha etsahalang ka batho ba neng ba phela pele sebakeng seo?
Dipotso tse tla fana ka sebopeho sa diphuputso
Re ka fumana eng ka noka ee ebang re ka tsamaela haufi le yona:
Ebe ke mehlala efe e teng mabapi le nalane ya noka ee?
Ebe ho etsahalang nokeng ee masatsing a kajeno? Ebe ho na le batho ba phelang pela yona?
Boemo ba noka ee ke bofe? Ekaba ho na le matshwao a ho tshilafala ha yona? Ebe re ka sesa ka nokeng? Re ka sebedisa metsi a yona?
Batho ba sebedisa metsi a yona jwang?
Ho hlophisa diphuputso
Mmapa, ditshwantsho le meralo ya sebaka sa noka ha mmoho le dipampiri tsa ho rekota mefuta e fapaneng ya tshilafatso, diphoofolo kapa dimela tse hlaha, jwalo jwalo.
Ho bokella le ho sebedisa ditaba tse fumanweng haufi le noka
E ka ba mohopolo o motle ho hlophisa baithuti ka dipara ho bokella le ho hlophisa ditaba le tlhahisoleseding e nngwe. Dipampitshana tsa mosebetsi di ka kenyelletsa ditshwantsho tsa dikarolo tse itseng tsa noka, mme baithuti ba kotjwe ho ngola hore ke eng se ntseng se le teng nokeng eo, le hore ke eng se fetohileng. Ba ka kotjwa hore ba take ka mmala kapa ho bontsha mmapeng hore ho na le meaho efeng haufi le noka eo, le hore noka e sebedisetswa eng sebakeng ka seng. Dipampitshana tsa ho rekota di ka sebedisetswa ho rekota le ho hlalosa mefuta e fapaneng ya tshilafatso e ka bang teng. Hape ba ka botswa ka dimela tse haufi kapa ka hara noka.
Tlhahiso ya ditharollo mabapi le mathata a bontshitsweng diphuputsong
Mesebetsing e tla latela, baithuti ba ka kotjwa ho hlahisa ditharollo tse mabapi le mathata a kang tshilafatso, batho ba se nang mahae ba phelang haufi le mabopo a noka, kapa ba hlahise ditsela tseo noka ena e ka sebediwang betere ka tsona.
Hape Dithuto tsa Lehae di fana ka monyetla o motle wa ho kopanngwa le dithuto tse ding, ho etsa mohlala, ho ithuta Mahlale a Moruo le Tsamaiso ho lokela ho kenyelletswa dithutong tsa ditsela tsa kgale le tsa kajeno tsa moruo mabapi le tsamaiso ya noka. Dithuto tse ding tse kang Dipalo, Bonono le Botjhaba ha mmoho le Tlwaetso ka tsa Bophelo le tsona di ka kopanngwa.
Pampitshana ena e latelang ya ho rera ke mohlala o ka sebediswang ha ho rutwa kapa ho ithuta Jokorafi ho kenyelletsa dithuto tse fapaneng.
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Mahlale a Phedisano Kereiti 6
Nako: dinako tse 8-10
Tsebo ya mantlha/boemo
Pharela merung ya Amazon
Dipotso tsa bohlokwa: Baithuti ba ka ekeletsa ka dipotso tsa bona
Amazon Basin ke eng mme e hokae?
?meru ya pula? ke eng?
Ke hobaneng ?meru ya pula? e bitswa ?matshwafo a lefatshe??
Ke hobaneng ?meru ya pula? e le tsietsing?
Hobaneng re lokela ho baballa ?meru ya pula?
Diphetho
Maemo a Tekolo
Bokgoni ba ho botsa
Fumana ditaba mmapeng wa atlelase, bukeng ya sekolo le ho weposaete ho araba dipotso tsa bohlokwa
Fumana ditaba tse tsamaelanang le dipotso tse kgethilweng
Lokisa tlaleho e kgutshwanyane kapa sethwantsho sa weposaete dipotsong tse kgethilweng.
Ho sebedia mmapa: sebedisa ho ya hodimo kapa lehlakoreng ka dinako tse ngata ha o batla kapa o bapisa ditaba tsa atlelase.
Hlalosa fana ka mabaka tshubuhlellano e nyane ya setjhaba dibakeng tsa meru ya tropikale etsa hore di tsamaisane le maemo a lehodimo, disebediswa tsa biome le thekenoloji.
Hlokomela hore ntshetsopele e tsamaelana jwang le phumaneho ya dihlahiswa:
Moruo wa maswetso wa ditjhaba tsa Yanomami tsa Amazonia: ditsela tsa tshebediso ya lefatshe, maemo dijo le disebediswa bonono.
Moruo wa sejwalejwale wa ntshetsopele: ho fediswa ha meru, merafo, borui ba diphoofolo, motlakase o fehlwang ka metsi, dibaka tse nyane tsa ho phela tsa bokoloneale, jj.
Bontsha ka moo ditsela tsa kajeno tsa ntshetsopele di sentseng tikoloho ka teng le tshenyo e bileng teng setjhaneng saYanomami.
Etsa mohlala ka menyetla e ka fumanwang ntshetsopeleng ya se bitswang meru ya ?Terre firme?: tsamaiso ya meru, ho ntshuwa ka tsela ha dihlahiswa tse itseng, ho jala botjha, ditsela tse ntjha tsa temo, jj.
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba sa Amazonia le tshebediso ya dihlahiswa ke dikhamphani tse kgolo.
Lokodisa ho fediswa ha matla a setjhaba sa Yanomami le ho theoha ha boleng ba tikoloho ya bona ka tshebediso le ?ntshetsopele? ya disebediswa tsa ??meru ya pula?? (ho tloha ka pokelletso ya rabara ka ngwahakgolo wa 20).
Sekaseka ditaba tse amang ntshetsopele ya meru ya ?Terre Firme? ka ho ngola tlaleho e kgutshwane ya (polelo e le nngwe) mabapi le tse ding tsa dintho tse boletsweng.
Kopanyo ya dithuto
Pakeng tsa Nalane le Jokorafi
Ho sibollwa le ho tliswa ha bokoloneale naheng ya Brazil.
Le Dithuto tse ding
Mahlale a Tlhaho: baithuti ba ka etsa ditshwantsho tsa dihlahiswa tsa bonono tsa Yanomami hore di behwe a phaposing ya bona.
Ho hlekela yuniti ya ?Pharela merung ya Amazon?
Baithuti ba ka buisana ka dipale, diketso tsa botjhaba le ditumelo tsa batho ba Yanomami kapa batho ba bang ba Amazon.
Tlwaetso ka Bophelo: dijo tse loketseng se hlokehang ho fihlella sena.
Disebediswa
Diatlelase tse bontshang sebaka sa ekhweitha, meru ya trophikale, ho hasana ha setjhaba le ho kgobokana ha sona, dihlahiswa tsa tlhaho.
dipampiri tse hatisitsweng (tse ding di hloka ho nolofatswa) ho tswa weposaeteng di fuwe baithuti hore ba fumane tlhahisoleseding le dikarabo.
Karolo ya bohlokwa ya diweposaete tsena ke ditshwantsho le mmapa ya tsona.
baithuti ba botsa dipotso (tseo ba di rekotang) mme ba dumellana hore ke dikarolwana dife tseo dihlotshwana tse nyane (kapa ka bobedi) di ka di fuputsang.
sheba mmapa atlelaseng, dikerafo, data, le ditaba tse ding hore o tle o utlwisise haholo ka maemo a lehodimo le dimela tsa ?meru ya pula?, hore di fumaneha hokae lefatsheng le hore hobaneng batho ba le mmalwa sebakeng seo.
ngola ditlaleho tse kgutshwanyane kapa o etse setshwantsho sa weposaete (se ka lokang feela) ho araba dipotso.
bala ka moruo wa maswetso wa batho ba Amazonia (khr. batho ba Yanomamo le Auca) hore o tle o kgone ho bona dikamano pakeng tsa ntshetsopele le disebediswa.
hlokomela ditsela tseo tikoloho le setjhaba sa Amazon basin di tshosetswang le ho senngwa ka teng ke ntshetsopele e tswang ka ntle.
hlokomela hore ke mang ya jarang boikarabelo bakeng sa tshenyo eo.
hlahisa ditharollo bakeng sa mathata ana mme o di bapise le lenaneo la ntshetsopele ya ?meru ya pula? (jwalo ka Terre Firme)
Mesebetsi ya ho hlahloba ditlaleho tse kgutshwane tse ngotsweng kapa ditshwantsho tsa weposaete (le he e le efe feela e loketseng) ho araba dipotso (sheba mosebetsi 4 ka hodimo).
dipolelo tse kgutshwanyane ka mathata a tikoloho le phedisano sebakeng sa Amazonia le dipolelo tse tsepameng tse supang ditharollo tse ka tliswang.
Tlhahlobo tlhahiso e hlakileng bopaki ba kutlwisiso sesosa le ditlamorao tse loketseng baithuti ba kereiti ya 6
mosebetsi wa thlahlobowa 2 o lokela ho akaretsa hore o tle o kenyelletse tse latelang: ditaba tse amang tikoloho di ka kenyelletsa meru le mobu, mme ka lehlakoreng le leng ditaba tse amang phedisano di ka kanyelletsa tshotlo, bofuma le ho hlokiswa tokoloho, ditokelo tsa botho le matla.
Tlaleho
Baithuti?..
Ba bang
Tlhahlobo ka boyena
MORERO WA THUTO
Thuto: Ho kopanya Mahlale a Phedisano le Mahlale a Moruo le a Tsamaiso Kereiti 6
Nako: Dihora tse 15
Tsebo ya mantlha/boemo
Diketso tsa mmuso tsa ho fedisa ditaba tsa ho s lekalekane le bofuma
Diyuniti: kgolo le ntshetsopele ya moruo
Tema ya mmuso.
Moithuti o tla kgona ho bontsha kutlwisiso ya kgolo e tswellang, kahobotjha le ntshetsopele , le ho bontsha ditaba tse tsamaelanang le tsena ka tsela e hlokolotsi.
Moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso, ho fuputsa ditaba tsa jokorafi le tikoloho .
Moithuti o kgona ho etsa diqeto ka ditaba le mathata a phedisano le tikoloho.
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Fuputsa le ho sekaseka maemo a ho phela le tshebediso ya dintho matsatsing a kajeno moo batho ba sebetsang le ho hweba ka tsela e itseng e ikgethileng hore ba kgotsofatse ditlhako tse itseng.
Hlalosa diketso tse amang moruo tse ileng tsa nkuwa kgahlanong le mmuso wa kgethollo ho tlisa phetoho (khr. ho lekalekanya phano ya disebediswa, ho lekalekana ka bong, ho rupella, ho fa batho tekatekano, ho fana ka menyetla le ho matlafatsa batho).
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti:
hlokomela mehlodi ya ditaba, ho kenyelletswa le dipalopalo tse bonolo ho araba dipotso kapa mathata a mabapi le phedisano le tikoloho
hlokomela ho se lekalekane ha batho ka hara setjhaba (a hlokomela taba ena).
A sekaseka ditaba tse itseng tse ka lebisang ho se lekalekaneng dibakeng tse fapaneng (dintho tse amang taba ena)
Lekola diketso tse lebisang ho arolelanweng ha disebediswa le ho fokotsa bofuma maemong a itseng (ho etsa kgetho).
Mesebetsi ya ho Ithuta
Hlahloba mohlala o fanweng mabapi le mathata ao ho kopanwang le ona ditjhabeng tse fapaneng.
Sebedisa mehlodi e fapaneng ho bokella ditaba tse amang mathata a phedisano.
Hlokomela, bolela mme o bue ka mathata a phedisano ka hara ditjhaba tsa bona.
Bona menyetla ya ho fumana mosebetsi, tjhelete, ditsela tsa ho nsebedisa tjhelete, mekgwa ya ho itshwara mosebetsing
Sheba dintho tse lebisang maemong a fapaneng a bophelo.
Sebedisa ditaba tse bokelletsweng ho hlalosa diketso tse amang moruo tse bokelletsweng ho hlalosa mehato ya moruo e nkilweng kgahlanong le mmuso wa kgethollo (ho ntshuwa ha matsete le dikotloqobello).
Fuputsa kgahlamelo eo ditaba tsa marou di nang le yona ho phetoho, kgolo le ntshetsopele moruong wa Afrika Borwa.
Hlokomela ho se lekane ha batho ka hara setjhaba.
Sheba tse ding tsa dintho tse ileng tsa lebisa ho se lekaneng ha batho ditjhabeng tse fapaneng.
Hlokomela mehato e ka nkuwang ke mmuso ho lokisa difanya tsa kgale tsa ho se lekane ha batho le bofuma. Sheba kabo ya disebediswa, tekatekano ka bong, ho fa batho seriti se ba lokelang, ho fana ka menyetla le ho matlafatsa batho.
Buisana ka diprojeke tsa ntshetsopele setjhabeng sa bona.
Buisana ka hore bona le ba malapa a bona ha mmoho le setjhaba ba ka ntlafatsa maemo a bophelo jwang.
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Se ka shejwang
Tlaleho e ngotsweng ya mathata a phedisano
Ditaba tsa molomo tse mabapi le diketso tse amang moruo (dikotloqobello le ho ntshwa ha matsete)
Diphuputso tse mabapi le tshebediso ya disebediswa nakong ya kgale le ya hona jwale.
Sebopeho sa pampiri ya dipotso e sebediswang ho botsa ka tema eo malapa a baithuti ha mmoho le setjhaba a bileng le yona ho ntlafatsa maphelo a batho.
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
MORERO WA THUTO
Thuto: Ho kopanya Bonono le botjhaba ha mmoho le Mahlale a Phedisano Kereiti ya 6
Dipheto tsa ho Ithuta 2 Bonono le Botjhaba ?ho supisa?
Maemo a Tekolo: a entsweng ka dikarolo tse fapaneng: o shadima le ho qoqa ka kutlwisiso ya hore botjhaba ke eng.
Dipheto tsa ho Ithuta 4 Bonono le Botjhaba: ?Ho itlhalosa le ho bua?
Maemo a Tekolo:
Motjeko ke Mmino: O fumana ka, o leka le ho hlalosa moetlo wa pina le motjeko o jwalo ka motjeko wa noha, motjeko wa puleng, motjeko wa lenyalo, motjeko wa sedikadikwe, motjeko wa lehlaka, jj. a ntse a hlalosa sepheo le sebopeho sa wona ? sebopeho, phetapheto, le tatellano.
Terama: O tshwantshisa moetlo o itseng (mokete wa sedumedi kapa wa setjhaba) a bontsha tshebediso ya dikarolo tsa terama tse kang tatellano, phetapheto le sebopeho. O hlalosa bohlokwa ba moetlo ona bathong ba o etsang.
Mmino: O a fuputsa, o a etsa hape o bontsha mmino o ka tsela e bontshang moetlo.
Bonono bo bonwang: O a supisa mme o hlalosa tshebediso ya disebediswa tse fapaneng tsa bonono meetlong ya botjhaba.
Sephetho 2 sa ho Ithuta sa Mahlale a Phedisano: tsebo ya nalane le kutlwisiso ya maemo a tekolo:
O hlokomela ditaba tse itseng tsa setjhaba tse fetohileng le tse sa fetohang ka mora nako maemong a fapaneg (phetoho le tswello).
Matshwao a naha a kang Letshwao le leholo naha ha mmoho le Pina ya setjhaba; Borena ba afrika e ka borwa, khr. Great Zimbabwe; pontsho ya borui ? dikgomo, kgauta, manaka le tshepe.
Mesebetsi
Buisanang ka mohopolo wa botjhaba
Shebanang le diketso tsa moetlo, matshwao le mefuta karolong ka nngwe ya bobono
Fuputsa matshwao a naha a nako e fetileng le ya kajeno.
Kgetha borena bo itseng ba Maafrika mme o ithute ka bona mabapi le ditaba tsa moetlo.
Phano ya matshwao*
Ho rata ho nka karolo meqoqong ya sehlopha ka ho fana mehopolo
O nkile karolo ka botlalo a ba a mamela maikutlo a ba bang.
Bokgoni ba ho bontsha mohopolo wa botjhaba le hore botjhaba bo fetoha jwang ka mora nako
O a utlwisisa hape o kgona ho hlalosa mohopolo
O bontsha seo a se fihletseng ka tsela
O hlalosa ka ho hlaka le ka boitshepo
O kgona ho hlokomela:
sepheo bohlokwa ba moetlo molaetsa kapa boikemisetso sebopeho ? sebopeho, phetapheto, tatellano molaetsa wa diketso tsa moetlo tshebdiso ya dntho tsa bonono ditabeng tsa moetlo
O kgonne ho fihlela mehato e mengata.
matshwao: 1 ? tse mmalwa 2 ? tse ding 3 ? tse ngata 4 ? kaofela
Mehlala ya Melao
Ka dinako tse ngata ho sebediswa tsela e ntlha-nne e tjhaetsweng monwana naheng ka bophara. Ho tla latela mehlala ya hore sena se ka etswa jwang:
Mohlala 1: Nalane, Mophato o Mahareng Kereiti:6
Boemo
Maemo a Tekolo 1
Maemo a Tekolo 3
Ha a kgone ho hlokomela ditaba tse fetang bonngwe tse fetileng, o hloka tshehetso e nngwe
Ha a kgone ho hlokomela le ho kgetha dintho; o hloka tshehetso e ngata.
O kgona ho utlwisisa boemong bo tlase, empa o sa hloka tataiso
O hlokomela hore ho ka ba le ditsela tse pedi tsa ho pheta ditaba tsa kgale empa o fumana bothata ba ho bapisa ditsela tsena. Ha a kgone ho bona phapang pakeng tsa mohopolo le nnete ya ditaba.
O kgona ho hlokomela dintho tse kgethilweng tsa ditaba tsa kgale, empa o hloka thuso ya hore ditaba tsena di ka hlahiswa jwang phaposing ya sekolo, meusiamong kapa sebakeng sa setjhaba sa ho boloka ditaba.
O kgotsofaditse ditlhoko boemong bona
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale a sebedisa mehlodi e ngotsweng le e bonwang, mme hape o kgona ho bona phapang pakeng tsa mehopolo le nnete.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tsa kgale tseo a ithutang ka tsona, ho hlahisa sena phaposing ya sekolo, meusiamong kapa sebakeng sa setjhaba sa ho boloka ditaba
Tsebo ya hae e feta ka moo ho lebelletsweng ka teng
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo, ebile a hlokomela le hore ke hobaneng ho le tng mahlakore a mabaedi a ditaba. O kgona ho etsa phapang pakeng tsa mehopolo le nnete le ho fana ka mabaka a hore ho tla jwang ho be teng mehopolo eo.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tsa kgale tseo a ithutang ka tsona mme o kgona hape le ho hlahisa hore motho ya ithutang ka dintho tsa kgale a ka sebedisa dintho tsena jwang ho utlwisisa ditaba tsa kgale.
Mohlala 2:Seph. 1 ? bokgoni ba ho botsa dipotso le ho nahana ka dikarabo tsa dipotso tseo.
Tafole ena e ka fuwa moithuti e mong le e mong ha mmoho le melao ya hore a sebetse jwang.
Kereiti ya 5
Ditebello
O botsa dipotso tsa mehlodi
O kgona ho kgetha mehlodi eo ka yona a ka fumanang ditaba hore a tle a arabe dipotso
O kgona ho rekota le ho hlophisa ditaba tse tswang mehloding
O sebedisa tlhahisoleseding ho bopa dikarabo.
O bontsha tseb ya hae ka tsela ya tshwanelo.
Khoutu ya ditlaloso: 1: o lekile empa ha a eso kgone 2: o kgona ho etsa ka tsheheso
: o fihletse ditebello boemong bona 4: o sebeditse ho fetisa ka moo ho lebelletsweng
Mohlala 2: Jokorafi, Mophato o Mahareng
Sephetho 3 sa ho Ithuta kereiti: 5
Boemo
Maemo a Tekolo 1
Maemo a Tekolo 2
Maemo a Tekolo 3
O lekile empa ha a kgone hohang
Ha a kgone ho hlokomela dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ka ho di bona mmapeng kapa ho di hlalosa.
Ha a kgone ho hlokomela dikamano pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi.
Ha a kgone ho hlalosa dikamano pakeng tsa diketso tsa batho le kgahlamelo ya tsona tikolohong.
O kgona feela boemong bo tlase, empa o hloka tshehetso
O kgona ho hlokomela dibaka tsa bohlokwa Afrika Borwa, ho kenyelletswa le tse fumanwang provenseng ya hae, empa ha a eso kgone ho di hlalosa ka boitshepo le kutlwisiso.
O kgona ho hlokomela dikamano pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi le hore ka tataiso o kgona ho hlokomela dikamano tse ding hape le ho di sebedisa maemong a moruo a Afrika Borwa.
O kgona ho hlalosa ditsela tse teng pakeng tsa diketso tsa batho le kgahlamelo ya tsona tikolohong, empa o sa hloka tataiso ya hore a hlalose hore tikoloho e susumetsa diketso tsa batho jwang.
O kgotsofaditse ditebello boemong bona
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ha mmoho le tse fumanwang provenseng ya hae.
O kgona ho hlokomela dikamano pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi Afrika Borwa
O kgona ho hlalosa hore tikoloho e susumetsa diketso tsa batho jwang le hore diketso tsa batho di susumetsa tikoloho jwang.
O sebeditse ho fetisa ka moo ho lebelletsweng
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa dibaka tsa bohlokwa tsa Afrika Borwa ha mmoho le tse fumanwang provenseng ya hae, mme hape o kgona ho hlalosa hore ke hobaneng dintho tsena di le teng dibakeng tsena.
O kgona ho hlokomela dikamano le ho qoqa ka tsona pakeng tsa dintho tsa tlhaho le mesebetsi ya ekonomi Afrika Borwa. Hape o kgona ho etsa papiso le dibakeng tse ding.
O kgona ho sekaseka kgahlamelo ya diketso tsa bahto hodima tikoloho le tsela eo tikoloho e atisangho susumetsa diketso tsa batho.
KAROLO 4
MOPHATO O PHAHAMENG
Ho ka ba bohlokwa ho fana ka kakaretso ya dipuisana tse amang taba ena, e ka shadingwang ha ho etswa mesebetsi ya moithuti Mophatong o Phahameng.
Baithuti ba ba le boikemelo.
Baithuti ba hlakelwa ke hore thahasello ya bona e hokae.
Ba a hola bothong ba bona le ditabeng tsa bonna le bosadi.
Ba a hola mohopolong, hara setjhaba le kelellong.
Ba na le kutlwisiso ya hore dintho di eme jwang, ba kgona ho kopanya, le tshebediso e hlakileng ya kelello
Ba na le bokgoni ba ho etsa diphuputso
Ba na le bokgoni ba ho etsa kgopolotaba/haephothesese pele ho diphuputso ho etsa hore nnete e tsejwe.
Ba na le bokgoni ba ho etsa dintho tse ama-amaneng.
Ba kgona ho labella hore batho ba bang ba ka ikutlwa jwang ka boitshwaro kapa tjhebahalo ya bona
Kgatello ya dithaka e bapala karolo e kgolo phedisanong ya batho.
Ba dumela hore motho o tshwanela ho utlwisisa hore a se ke a hatikela ditokelo tsa ba bang.
Ba hlompha mehopolo le botho ba batho ba bang, empa ba kgona ho iketsetsa diqeto ka bobona.
Mophatong ona baithuti ba tshwanela ho fuwa monyetla wa ho fumana, ho aha le ho sebedisa tsebo e kenelletseng ya kutlwisiso le bokgoni. Botebo le bobatsi ba taba di bohlokwa haholo ho etsa hore baithuti ba etse boikgethelo mophatong ona o phahameng. Baithuti ba tshwanela ho ba le tsebo e batsi ya hore boikgethelo ba bona ke bofe hore ba tle ba etse diqeto tse ntle bokamosong ba bona. Mona mophatong e ka hodimo tjhadimo ya kharitjhhulamo ke ya nako e kgutshwanyane ho etsa hore batho ba tle ba be le boikgethelo le hore ba be le boikemelo. Mokato o phahameng o etseditswe hore e tiise maqhama paketse tsa mohato o mahareng le boikgethelo mokatong wa FET.
Diphetoho tsa nako ya botjha
Ho ba le diphetoho tse ngata ho baithuti ho tloha ho dilemo tsa 12 ho ya ho tsa 15. Ona ke mohato wa ho qetela wa bongwana pele ba fihla boholong. Ba hola mmeleng, ho botona le botshehadi, kelellong le tseleng eo ba phedisanang le ba bang ka yona ka ho ba le bokgoni ba ho ikemela.
Hape baithuti ba kgona ho hola monahanong. Ba dula ba nahana ka dintho tse thata ba be ba fane ka kgopolotaba ya dintho tse itseng le mabaka a bontshang kelello. Boemong bona tswelopele ya monahano e fela e qalella, mme ha a ka fuwa tshehetso e loketseng, moithuti o a ka hlahloba diketsahalo le ho ba le kutlwisiso ya kgonahalo, ho tsamaelana, ho kopana, monahano wa PREPOSITIONAL, ha mmoho le bokgoni bo bong ba kelello.
Hape dilemong tsena moithuti o kgona ho etsa diteko tse tlasa taolo, a itshwarelletse ka dikarolo tsohle ntle le e le nngwe feela. O na le bokgoni ba ho hlahisa kgopolotaba pele ho ka etswa diteko ho bontsha tsela esele bakeng tsa nnete le kgonahalo. Hape ba kgona ho sebedisa kopanya mehopolo e fapaneng ya monahano le puo.
Ho bohlokwa boemong bona ho be etsa hore be tsepamise maikutlo bokgoning ba ho sekaseka le ba bonono, kgodiso ya tsela eo a bonang dintho ka yona le kutlwisiso ya tema ya bona ka hara setjhaba.
Hape baithuti ba hlokomela dintlha tse ntjha tse ba amang tse bapalang karolo kgodisong ya bobona ba bona. Ka dinako tsohle ba lebelletswe ho bona hore batho ba bang ba tla ren ka tjhebeho le diketso tsa bona. Tshusumetso ho twa ho dithaka tsa bona e bapala karolo e kgolo haholo phedisanong ya bona. Ho ikutlwisisa ka tsela e kganyang ho bohlokwa haholo dilemong tsena,
Kgolo ya boitshwaro e tsamaelana le kgolo a kelello le tlhokomelo ya phedisano. Bokgoni ba bona ba ho nahana ka botebo bo ba le kgahlamelo diqetong tseo ba di nkang tse amang boitshwaro bo botle. Ba ntse ba tsepamisa maikutlo boikarabelong ba bona ba setjhaba, empa ba tsamaella ho ya boitshwarong bo ikemetseng.
Hape ba nahana hore motho tshwanetse a nahanele ba bang ka ho se ba etse hampe, empa ba itshetleha haholo hodima bohlale ba bona le boitshwarong ba bona ha ba etsa diqeto.
Mophatong ona baithuti ba sebedisa mohopolo o tebileng. Ba kgona ho qoqa le ho phehisana, mme hape ba amohela dithallo tse ngata bothateng bo le bong. Mosebetsi wa sekolo o lokela ho bonahala o tsamaelana le lefatshe leo ba leng ho lona e le batho ba ikemiseditseng ho bapala tema e nang le boikarabelo jwalo ka karolo ya setjhaba sa demokrasi.
PONTSHO YA MANANEO A HO ITHUTA
Mananeo a ho ithuta a Mahlale a Phedisano
Mahlale a Phedisano a na le mekgwa e mmedi e totobetseng: Nalane le Jokorafi mme tsona di bohlokwa ka tsela e lekanang Thutong. Le ha ho le jwalo sena ha se bolele hore thuto e nngwe e bohlokwa ho feta e nngwe.
Mahlale a Phedisano a ikemiseditse ho etsa batho ba nang le tsebo, ba kgonang ho sekaseka taba le ba nang le boikarabelo ka hara setjhaba se fetofetohang. Hape di ikemiseditse ho thusa baithuti hore ba nke karolo e bonahalang ho Afrika Borwa ya demokrasi. Ka tsela eo, Mahlale a Phedisano a lokela ho nka karolo ho tlisa kutlwisiso le ho fetola setjhaba le tikoloho. Ho bohlokwa hore batjha ba kgone ho iketsetsa diqeto bakeng sa diohetoho tse loketseng.
Phuputso
Moithuti o tla tseba ho sebedisa mekgwa ya ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno
Moithuti o tla tseba ho sebedisa mekgwa ya ho fuputsa ditaba tse amang jokorafi le tikoloho
Moithuti o tla kgona ho supa tsebo le kutlwisiso ya ditaba tsa kgale
Moithuti o tla kgona ho supa tsebo le kutlwisiso ya ditaba tsa sebaka le tikoloho
Ho ipotsetsa
Moithuti o tla kgona ho hlalosa ditaba tsa Nalane
Moithuti o tla kgona ho etsa diqeto mabapi le ditaba le mathata a amang setjhaba le tikoloho
Maemo a Tekolo a bontsha tswelopele ho ntshetsopele ya dintho, tsebo, bokgoni le tsamaiso ho ya ka dikereiti tse fapaneng mephatong e fapaneng. Maemo ana a bontsha hore ho lebelletswe bokgoni bo bokae sephethong kapa sehlopheng sa diphetho tse fapaneng kereiting ka nngwe. Bokgoni ba baithuti ho Diphetho tsa ho Ithuta bo hlahlojwa a hore na moituti o kgona ho bontsha bopaki ba hore o kgona ho etsa dintho tse botswang ho Maemo a Tekolo. Mophato ka mong o itshetlehile tsebong, kutlwisiso mmoho le bokgoni bo fihletsweng mophatong o fetileng.
Mophatong o Phahameng Mahlale a Phedisano a shebane le ho fetofetoha ha batho ha nako e ntse e tsamaya, ditsela tsa kgale tsa kgwebo, ho tsamaela dibakeng tse fapaneng, demokrasi, Tsoho ya Mafora, nako ya diindasteri, kgolo ya setjhaba le phetoho, taolo ya Manyesemane le phehisano ya yona, ho thehwa ha dikoloni, thekenoloji ya ngwahakgolo wa mashome a mabedi, (Ntwa ya Pele ya Lefatshe), tsa dipalangwang, ditaba tse amang ditokelo tsa batho le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Kgethollo e neng e le teng Afroka Borwa, ho se lekalekane ha batho Afrika Borwa, diphapang tsa setjhaba le tikoloho Afrika Borwa, nako ya Nutlelere, Ntwa e Batang, dikotsi tsa tlhaho, disebediwa tsa tlhaho, mmapa, ho dula ha setjhaba dibakeng tse fapaneng, ditsela tsa ntshetsopele, tshebediso e tswellang ya disebediswa.
Sepheo sa rona maemong a Thuto e Akaretsang ke ho fa baithuti monyetla wa ho ?etsa? dithuto tsa Nalane le Jokorafi. ?Ho etsa Nalane? le ?ho etsa Jokorafi? phaposing ya sekolo ho tliswa ke tshebedisanommoho e pakeng tsa moithuti le titjhere be sebetsa ka ?disebediswa tse sa fetolelwang boemong bo bong? tsa Nalane le Jokorafi. Tsela eo ba buisanang ka yona e kgothalletsa baithuti ho iphupuletsa ka bobona, e leng bokgoni ba bohlokwa matsatsing ana a demokrasi.
Thuto ena e toboketsa ntshetsopele ya tsebo ka ho kgothalletsa baithuti ho botsa dipotso le ho iphumanela dikarabo ka setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona ba ntse ba shebile le taba ya ho etsa toka ka hara setjhaba. Tsela ena ya ho kgothalletsa dipatlisiso e tlisa tsebo ya ho botsa dipotso, ho fuputsa le ho iphumanela dikarabo ? kapa bonyane ho fihlella diqeto tse itseng ho ipapisitswe ka mehlodi ya tlhahisoleseding le ditsela tsa ho fihlela qeto. Ho sia moo, Diphetho tsa ho Ithuta mmoho le Maemo a Tekolo dithutong tsa Mahlale a Phedisano di fetola tsela eo Nalane le Jokorafi di tla rutwa ka yona.
PONTSHO YA DISHEJULI TSA THUTO
Kereiti ya 7
Beke1
Beke2
Beke3
Beke4
Beke5
Beke6
Beke7
Beke8
Nalane
Ho fetofetoha ha batho ho ya ka nako
Batho ba pele ba ho phela Afrika Borwa le Afrika Botjhabela.
Ho fetoha motho Afrika e ka Borwa
Motako wa majweng e le tsela ya ho ipontsha le ho supa kutlwisiso ya bophelo ba lefatshe
Jokorafi
Dikoduwa tsa tlhaho (mohl. Komello, dikgohola, ho sisinyeha ha lefatshe, seretse se tjhesang, kganyapa)
Ditlhaloso tse bonolo tsa hore sena se etsahala jwang; (J) Seph2: MT1-3
Diketsahalo tse tshwarehang/bonahalang
Ho fetoha ha maemo a lehodimo
Tsamaiso e sa nepahalang ya ditaba tsa tikoloho
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. (J) Seph1: MT2(a), 2(b), 2(c) le 4
Beke 9
Beke10
Beke11
Beke12
Beke13
Beke14
Beke15
Beke16
Nalane
Ho tadima ka bophara kgwebisano ya nako ya kgale
Jokorafi
Dikoduwa tsa tlhaho (J) Seph2: MT1-3
Hlalohanya pakeng tsa pharela le koduwa
Ditlamorao tsa dikoduwa maphelong a batho
Hobaneng batho ba bang ba le tsietsing ho feta ba bang
Ke mang ya tsietsing. tlhokomelo ya tsietsi le phokotso ya tsietsi
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Beke17
Beke18
Beke19
Beke20
Beke21
Beke22
Beke23
Beke24
Nalane
Ho tadima ka bophara kgwebisano ya nako ya kgale
Kgwebisano pakeng tsa batho ba Afrika Bophirima le Sahara-Mose
Dibaka tsa ho ithuta
Ho tlaleha ditaba tsa nalane ka ngwahakgolo wa 9-16
Bokgoba ba Afrika le Atlantic
Kgauta
Letswai
Makgoba
Metjha ya kgwebo ya kgale
Jokorafi
Kgolo ya setjhaba le phetoho
Dintho tse amang kgolo ya setjhaba le phetoho
Maemo a boholo le bong
Tebello ya dilemo tsa ho phela, tswala
Ho tsofala ha batho
Ho shwa
Ho tsamaya, ho falla ha batho
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Beke25
Beke26
Beke27
Beke28
Beke29
Beke30
Beke31
Beke32
Nalane
Ho tadima ka bophara kgwebisano ya nako ya kgale
Meedi ya ho falla
Ditsela tsa kgwebo tsa Mayuropa Dinakong tse Mahareng
Ho jaka ha Madatjhe, bokgoba ba mawatleng a India ha mmoho le bokgoba ba Kapa
Ho kopana, dintwa le ho amohuwa ha batho dibakeng tsa Meeding ya Kapa Botjhabela le Leboya
Ho kopana, dintwa le ho amohuwa ha batho dibakeng tsa Meeding ya Amerika ka mengwahakgolo ya 19. Demokrasi le tsohelomatla ya Amerika.
Jokorafi
Dintho tse amang kgolo ya setjhaba le phetoho
Mafu/bofuma/
Maikutlo mabapi le tswalo le lefu
Ho fallela ditoropong kapa mahaeng
Diqabang le dintwa
Dipolao tsa batho ba bangata le ho qobellwa ha batho ho falla
Sesosa le ditlamorao maemong a fapaneng.
Afrika Borwa papisong le Afrika. Afrika papisong le lefatshe.
Ho sebedisa mmapa: ho fumana tlhahisoleseding mmapeng le ditshwantshong: Ho sheba moo dikoduwa di etsahetseng teng mmapeng. Ho metha sebaka diatlelaseng le ditleloupung hore se fetolelwe nneteng.
Shejuli ya Mosebetsi wa Mophato o Phahameng wa Kereiti ya 8
Beke1
Beke2
Beke3
Beke4
Beke5
Beke6
Beke7
Beke8
Nalane
Mafatshe a fetohang
Nako ya ho qala ha diindasteri, ho fetoha ha thekenoloji, temo le kgwebo, ho sotlwa, sebaka se setjha sa mosebetsi, mekgatlo ya basebetsi, kgolo ya dibaka tsa ditoropong, mathata a phedisan le ditokelo tsa sepolotiki.
Jokorafi
Ho jaka
Ditsela tsa ho jaka sebakeng
Dintho tse amang ditsela tsa ho jaka
Mesebetsi ya ditoropo tse kgolo
Dibopeho tsa ka hare tsa ho jaka. Ditlwaelo tsa bodulo Afrika Borwa le dinaheng tse ding.
Tse bonwang/tshwarehang, tsa tikoloho le phedisano, tsa sepolotiki, tsa moruo
Tshebediso ya mmapa:
Ho fumana ditaba mmapeng kapa ditshwantshong ditaba tsa tjako
Ho hlokomela dibaka mmapeng kapa ditshwantshong dibopeho tse amang tjako
Ho bapisa dibaka mmapeng kapa ditshwantshong pakeng tsa ditjako
Beke9
Beke10
Beke11
Beke12
Beke13
Beke14
Beke15
Beke16
Nalane
Mafatshe a fetohang
Ho qaleha ha diindasteri Afrika Borwa: merafo ya kgauta, ya ditaemane, ho fetoha ha maemo a mosebetsing, ditaba tse amamng lefatshe (molawana wa 1913)
Tswekere le mosebetsi Natal ha mmoho le mekgatlo ya pele ya basebetsi
Jokorafi
Tema eo e bileng le yona ho kgwebo ha mmoho le tlhoko ya kgwebo
Tema e neng le yona ya phanong ya menyetla ya kgwebo
Dipalangwang pakeng tsa dibaka tsa bodulo
Tshebediso ya mmapa:
Ho fumana ditaba mmapeng kapa ditshwantshong ditaba tsa tjako
Ho hlokomela dibaka mmapeng kapa ditshwantshong dibopeho tse amang tjako
Ho bapisa dibaka mmapeng kapa ditshwantshong pakeng tsa ditjako
Beke 17
Beke18
Beke19
Beke20
Beke21
Beke22
Beke23
Beke24
Nalane
Ho hanyetsana le ho laolwa ka Manyesemane
Bokoloneale ba mengwahakgolo ya 19 le 20 ha mmoho le tshebediso ya disebediswa
Dintwa tsa
Dintwa tsa Bapedi/Manyesemane
Ntwa ya Afrika Borwa
Ho hola ha dibaka tsa diindasteri le ho nama ha bokoloneale
Tsela eo ditjhaba tsa Maafrika a ileng a sebetsana le bokoloneale ka yona
Jokorafi
Tsela ya ho se lekalekane ha setjhaba Afrika Borwa
Papiso le dinaha tse ding tse tswetseng kapa tse tswelang pele
Maemo a bomme
Tshebediso hampe ya basebetsi ho kenyelletswa le bana.
Phihlello ya thuto le thupelo, phumantsho ya matlo le ditshebeletso tse ding ? mang o fumana eng
Tshebediso ya mmapa:
Ho fumana ditaba mmapeng kapa ditshwantshong ditaba tsa tjako
Ho hlokomela dibaka mmapeng kapa ditshwantshong dibopeho tse amang tjako
Ho bapisa dibaka mmapeng kapa ditshwantshong pakeng tsa ditjako
Beke 24
Beke25
Beke26
Beke27
Beke28
Beke29
Beke30
Beke31
Nalane
Mehopolo le thekenoloji e fetohang
Kgolo ya diindasteri le botjhaba Yuropa
Diqabang tse tsamaelanang le dikolone le qaleho ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe
Ntwa ya ka hara mekoti
Ditema tse fetohang
Basadi Ntweng ya Pele ya Lefatshe
Sekgahla sa Ntwa ya Pele ya Lefatshe hodima Afrika Borwa
Jokorafi
Mahklale a Tlhaho (khr. mefuta ya diphedi tsa lewatle, tse hlaha, meru le mobu Afrika Borwa le lefatsheng ka bophara).
Hore ebe di sebediswa jwang
Paballo le tlhokomelo ya disebediswa.
Hobaneng ho le bohlokwa ho baballa.
Ditshoso tsa paballo
Menyetla e metjha ya ho baballa disebediswa (khr. ntshetsopele ya setjhaba, bohahlaudi bo tsamaelanang le tikoloho, ditsela tsa ho arolelana disebediswa ka tsela tswellang).
Tshebediso ya mmapa:
Ho fumana ditaba mmapeng kapa ditshwantshong ditaba tsa tjako
Ho hlokomela dibaka mmapeng kapa ditshwantshong dibopeho tse amang tjako
Ho bapisa dibaka mmapeng kapa ditshwantshong pakeng tsa ditjako
Shejuli ya Mosebetsi wa Mophato o Phahameng wa Kereiti ya 9
Beke1
Beke2
Beke3
Beke4
Beke5
Beke6
Beke7
Beke8
Nalane
Ditaba tse amang ditokelo tsa botho ka nako le ka morao ho ntwa.
Ho fela ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe
Ho lwanela ditokelo tsa botho
Tsela le lebaka le ho ba teng ha holokhaste
Boikgethelo boo batho ba neng ba ena le bona Jeremane
Dikano tsa ditokelo tsa botho tsa UN
Mokgatlo wa ditokelo tsa botho wa US
Ditokelo tsa botho le ho lwanela tokoloho Afrika
Jokorafi
Ditsela tsa ho tlisa ntshetsopele le ho ba teng ha yona Afrika Borwa le dinaheng tse ding
Tema ya mahlale le thekenoloji
Ditaba tse amang ntshetsopele e tswellang
Tema eo e nang le yona ho ntshetsopele
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng.
Beke9
Beke10
Beke11
Beke12
Beke13
Beke14
Beke15
Beke16
Nalane
Kgahlamelo ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe
Kgethollo e ne e le eng mme e ile ya ama batho jwang
Twantshano le kgethollo ka dilemo tsa 1950
Twantshano le kgethollo ka dihlomo ka dilemo tsa 1960
Mebuso ya Mahae
Kgolo ya mekgatlo ya bahto ba bangata ya demokrasi ya 1970 le 1980
Afrika Borwa ka dilemo tsa 1990 pele ho dikgetho tsa pele tsa demokrasi
Jokorafi
Tema ya mahlale le thekenoloji
Tsoho ya Botala
Ho fetolwa ha dimela
Tshebediso ya thekenoloji e loketseng
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng.
Beke17
Beke18
Beke19
Beke20
Beke21
Beke22
Beke23
Beke24
Nalane
Nako ya Nutlelere le Ntwa e Batang
Ho fetoha ha tsela ya ntwa:
Mehopolo: Bokomonisi le Bokapitale
Dinaha tse Matla:
Lebelo la dihlomo, ho lwanela lefatshe,lebelo la mahodimo, ho fela ha Bokomonisi le Kgethollo
Jokorafi
Tshebediso e tswellang ya disebediswa le mathata a tikoloho
Ho itshetleha ha maphelo a batho kaofela hodima dihlahiswa tsa tlhaho
Tlhokeho ya hore batho kaofela ba nke karolo tsamaisong ya disebediswa.
Tlhokeho ya hore diketso tsa rona kaofela di netefatse tswello ya nako e tlang.
Tlhokeho ya hore batho bohle ba nke karolo ho lokiseng mathata a tsamaelanang le tikoloho.
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng. Ho kopanya ditaba tse fumanweng diphuputsong.
Beke25
Beke26
Beke27
Beke28
Beke29
Beke30
Beke31
Beke32
Nalane
Ditaba tse amang nako ya rona
Bosenyi bo shebaneng le batho,
Kgethollo le TRC kgahlanong le
Ho se rate merabe e tswang ka ntle ho naha le polao ya batho ba bangata khr. Rwanda le Balkans
Kgahlamelo ya kakaretso-lefatshe Afrika
Ponelopele e ntjha ya Afrika: Tsoho-botjha ya moruo wa Afrika
Jokorafi
Diqabang tsa phedisano le tikoloho Afrika Borwa
Tshebediso ya mehlala e nepahetseng moo ho kgonehang.
Papiso le dinaha tse ding Afrika le dinaheng tse ding.
Tema ya matla, tsamaiso le kgethollo (ho kenyelletswa kgethollo ho a ka mmala le ho se rate batho ba dinaha tse ding le tema ya tsona phihlellong ya batho ya dintho tse kang lefatshe, dijo, matlo le mesebetsi).
Tshebediso ya mmapa: ho fumana, ho sekaseka le ho bapisa ditaba tse tswang mmapeng, atlelaseng, ditswantshong tsa satelaete le tse nkilweng sebakeng. Ho kopanya ditaba tse fumanweng diphuputsong.
PONTSHO YA DITHERO TSA THUTO
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Nalane Kereiti 7
Nako:??????????????????.
Tsebo ya mantlha:
Kgwebo ya Afrika le Atlantic (mengwahakgolo ya 16-19)
Dipotso tsa bohlokwa:
Lekgoba ke eng?
Beng ba makgoba ba ne ba a laola jwang sebakeng sa Kapa?
Makgoba a ne a etsang mabapi le mefuta ya taolo e neng e le teng?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Hlokomela le ho kgetha mefuta ya mehlodi ya ditaba tsa nalane e tsamaelanang le se fuputswang.
Ho bokella le ho hlophisa ditaba ho tswa mehloding e fapaneng ho hlahisa bopaki ba ditaba tsa kgale.
Fetolela le ho fumana ditaba ho tswa mehloding e bonolo ya dikerafo le ya dipalopalo (mohl. Dikerafo, palo ya batho, ditafole).
Sebedisa ditaba tse tswang mehloding ho hlakisa dikarabo tse nahannweng hantle.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho hlahisa ntlhakemo ya hae a ipapisitse ka bopaki bo tswang mehloding ditabeng tse kang diphehisano ka ho hlahisa ditaba tse ngata tse ngotsweng tsa nalane, ka mosebetsi wa bonono, ditshwantsho kapa terama. Tshebediso ya thekenoloji ya tlhahisoleseding e dumelletswe moo ho kgonehang.
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Ho etsa mela ya nako le ditshwantsho ho supa dinako tse fetileng (ho lokodisa nako)
Hlalosa le ho bontsha dikamano mabaka le ditlamorao tsa diketsahalo le diphetoho tse itseng tsa bohlokwa (sesosa le ditlamorao)
Hlalosa hore ke hobaneng dikarolo tse ding ka hara setjhaba di fetohile le hore ke hobaneng ha tse ding di sa fetoha. (phetoho le tswello)
Re tseba sena ha moithuti a kgona ho:
Utlwisisa hore ho tla jwang hore diketsahalo tse itseng tsa kgale di hlaloswe ka ditsela tse fapaneng.
Hlokomela hore ho ngolwa ha diketsahalo ka morao ho nako e telele ka morao ho hore di hlahe ho fapane le tsela eo di ngotsweng ka yona kajeno (phetolelo ya mehlodi)
Hlokomela hore mehopolo e fapaneng e ka susumetsa tsela eo re utlwisisang diketsahalo tsa kgale ka yona (tshusumetso ho kutlwisiso).
Hlalosa mosebetsi wa batho ba sebetsang ka dintho tsa kgale le hore ba fihlela diqeto tsa bona jwang.
Hlalosa ditsela tseo batho ba hopolang diketsahalo tsa kgale.
Dikamano tse ka bang teng le Jokorafi
Baithuti ba ka qoqa ka maemo a lehodimo le bolemi sebakeng sa Western Cape mme ba qoqe hore ke hobaneng makgoba a mangata a ne a le Kapa le dibakeng tse etsang veine ho ena le dibakeng tse ruileng dikgomo tsa hara naha.
Dikamano tse ka bang teng le Dithuto tse ding
Tlwaetso ka bophelo le Ditokelo tsa Botho ? bokgoba jwalo ka tlhekefetso ya ditokelo tsa botho. Kajeno teng? Ebe bokgoba bo sa le teng?
Dipotso tsa bohlokwa
Mesebetsi e tsamaisanang le ho Ithuta
Mehlodi: setshwantsho, papatso, ditokomane, mmapa, direkoto tsa kgotla
Dipara tsa baithuti : mehlodi e meng e mebedi. Meqoqo e tlasa taolo ya titjhere e buang kamekgwa ya taolo; ebe dipara di bontsha tafole di ipapisitse ka bopaki bo tswang mehloding e mene.
Moqoqo wa phaposing ya sekolo. Mehlodi e meng hape e meraro. Moqoqo o akaretsang ka seo makgoba a ileng a se etsa le ho ngangella ha bona.
Mosebetsi wa moithuti ka mong. Ho ngola ka tsela ya ho hlahisa sesosa le ditlamorao. Ngola ditaba ho tswa mehloding ka taolo (sesosa) le se ileng sa etswa ke makgoba (ditlamorao).
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Baithuti ba tla bontsha bopaki boo ba bo fumaneng mehloding ho araba Ranalane wa Afrika Borwa ya ileng a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo. Qala ka ho sebedisa moralo wa ho ngola ho hlophisa ditaba.
Ranalane wa Afrika Borwa o ile a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo.
Ke a dumela/ha ke dumele. Ditaba tse tswang mohloding di supa hore???
Makgoba a ile a lwantshana le bokgoba ka ?????
Mohopolo wa ka ka bokgoba ba Kapa ke?????..
Ke nahana hore Ranalane wa Afrika Borwa o ile a re bokgoba ba Kapa bo ne bo se matla hakaalo hobane??????????????.
Maemo a Tekolo: seph1: ngola le ho hlophisa ditaba; bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho hlahisa dipolelo tse itshetlehileng mehloding.
Melao le maemo:
Ngola le ho hlophisa ditaba Moithuti:
ha a a kgona ho arohanya le ho hlophisa ditaba 2 o lekile ho hlophisa ditaba empa a etsa diphosonyana 3 o fumaneboholo ba ditaba ho tswa mehloding mme a di hlophisa ka tsela 4 o kgethile le ho hlophisa ditaba tsohle tsa bohlokwa ho tswa mehloding.
Hlahisa dipolelo tse itshetlehileng mehloding Moithuti:
o lekile ho hlahisa ditaba tsa hae ka tataiso 2 o lekile ho hlahisa ditaba empa a hloleha ho di amanya le bopaki 3 o lekile ho hlahisa ditaba empa a hloleha ho dula a di amanya le bopaki 4 o hlahisitse ditaba hape a ba a di amanya le bopaki bo fumanehang mehloding.
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Jokorafi Kereiti 7
Nako: Dithuto tse 4
Tsebo ya mantlha:
Baphaphathehi
Dipotso tsa bohlokwa:
Mophaphathehi ke eng?
Ho falla, le ho jaka ho bolelang? Phapang pakeng tsa mantswe aa ke efe?
Ebe mokgatlo wa baphaphathehi o afrika feela?
Lebaka la ho phaphatheha ha batho ke lefe? Sheba mabaka a bitsang le ho tebela batho.
Ditlamorao tsa ho phaphatheha ha batho ke dife?
Baphaphathehi ba kopa tjako hokae?
Ebe ho ka etswa eng ho fokotsa bothata boo?
Diphetho
Maemo a Tekolo
Bokgoni ba ho botsa hlokomela mehlodi e fapaneng ya ditaba tsa jokorafi le tikoloho e tsamaelanang le diphupusto
(a) hlophisa le ho utwlisisa ditaba tse tsamaelanang le diphuputso dikerafong, mmapeng le ho dipalopalo.
(b) metha sebaka pakeng tsa ditleloupu, diatlelase le mmapa ka ho sebedisa mela ya dikala c sebedisa mmapa wa selehae le/kapa mmapa wa ditshwantsho ho fumana le ho fuputsa ditaba le maemo a tsona (bapisa le seo o se fumaneng mosebetsing wa ka ntle ho sekolo)
fana ka tlaleho mabapi le diphuputso mme o sisinye dikarabo, se seng hape se ka etswang kapa ditharollo.
fana ka tlaleho o itshetlehile mehloding e kenyelletsang mmapa, ditshwantsho, le dikerafiki. Ebang ho kgoneha o ka sebedisa dikhompeothara.
Ho etsa diqeto ka ditaba
(a) hlokomela mabaka a etsang kgolo ya setjhaba le phetoho b hlokomela diketso tse amang kgolo ya setjhaba le phetoho dibakeng tse fapaneng (dintho tse amang taba ena)
sisinya ditsela tseo ho ka tobanwang le kgolo ya setjhaba le phetoho ka teng boemong bo itseng.
Kopanyo ya dithuto
Pakeng tsa Nalane le Jokorafi
Fuputsa mabaka le maemo a ho phaphatheha ha batho
Le Dithuto tse ding
Tlwaetso ka tsa bophelo
Disebediswa
Dibuka
Diatlelase (tsa sekolo le tsa tikoloho)
Diensaetlelophedia
Ditlaleho tsa dikoranta
Ho etela dibaka tse amehang
Mesebetsi ya ho Ithuta
Batla dipalopalo tsa baphaphathehi dinaheng tse itseng. Sebedisa ditaba tsena ho etsa dipapiso.
Hlalosa sesosa, ditlamorao ha mmoho le ho sotleha ha baphaphathahi (etsang sena le le dihloph hore le tle le kgone ho tlalehela ba bang)
Rala mmapa ho bontsha dibaka tse anngweng ke taba ena lefatsheng.
Baling dithothokiso, dipale le meqoqo e meng ya bana ba fetohang baphaphathehi.
Sheba ditharollo tse ngatanyana mme o bontshe tharollo sebakeng sa heno.
Mesebetsi ya ho hlahloba
Fanang ka tlaleho ho tswa dihlopheng tsa lona
Pontsho ya ditaba e bontshitsweng mmapeng.
Bala debaka se dipakeng tsa dibaka tse mmapeng ho bona hore baphaphathehi ba tsamaile sebaka se sekae.
Mosebetsi o ngotsweng wa ho hlahisa ditharollo.
Se ka etswang, khr. kopa mophaphathehi ho tla le qoqela ka hore bophelo bo fetohile jwang.
Tlhahlobo
Pokello ya ditaba
Tlhahiso e totobetseng ? bohlweki, ditaba tse nepahetseng, dihlooho, sebopeho, ho kenyelletswa ha ditshwantsho le ditafole.
Ditaba tsa molomo ho bala haholo0.
Bokgoni ba ho ngola.
Tlaleho
Baithuti???
Ba bang
Tlhahlobo ka boyena
Pontsho ya se rutilweng le se badilweng
Ebe tabakgolo e ne e kgothalletsa baithuti ho hauhela bana ba tshwanang le bona ba lahlehetsweng ke malapa a bona?
Ebe mesebetsi e fanweng e ne e kgothalletsa bohlwahlwa le ho hlompha batho ba bang?
Ebe baituti ba ile ba hlokomela taba ya hore bophaphathehi ke bothata bo hlahang lefatsheng ka bophara?
Ebe mesebetsi ya baithuti e ile ya eketsa bokgoni ba bona ba ho tseba ho bala mmapa?
Ebe baithuti ba ile ba utwisisa dibaka tseo bophaphathehi bo hlahellang teng haholwanyane?
Ebe baithuti ba ile ba hlokomela mabaka a qobellang batho ho siya dinaha tsa bona?
Ebe baithuti ba ile ba rata thuto ee?
MORERO WA THUTO
Thuto: Mahlale a Phedisano ? Nalane Kereiti 9
Nako:??????????????????.
Tsebo ya mantlha:
Dipotso tsa bohlokwa:
Ebe ke diphehisano dikgeo dife tlalehong ya lefu la Steve Biko?
Ebe moithuti o utwisisang ka se ileng sa etsahala ho ya ka mehlodi?
Seph1: moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsa dipotso ho fuputsa ditaba tsa kgale le tsa kajeno.
Seph2: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le kutlwisiso ya nalane.
Re bona sena ha moithuto a kgona ho:
Fuputsa taba ka ho botsa dipotso tsa bohlokwa le ho hlokomela mefuta ya mehlodi ho tseba haholwanyane
Botsa dipotso tsa bohlokwa ho sekaseka mehlodi khr. ho hlokomela kgetho ya lehlakore le ho sheba ntho ka leihlo le le leng, ho siella ditaba morao le ho siya dikgeo.
Sekaseka ditaba tse fumanwang mehloding.
Hlahisa mehopolo e ikemetseng ho araba dipotso le ho tshehetsa dikarabo ka ho fana ka bopaki.
Bontsha tsebo le kutlwisiso ka ho fana ka phetolelo ya hae a ipapisitse ka mehlodi ya nalane. Sena se tshwanetse se kenyelletse ditaba tse ngotsweng, tsa bonono, ditswantsho le terama. Hape ho ka sebediswa thekenoloji ya tlhahisoleseding moo ho hlokehang.
Re bona sena ha moithuto a kgona ho:
Bapisa diketsahalo, batho le diphetoho tse ithutilweng tsa nalane ka tatellano ya nako (tatellano ya nako).
Hlokomela mekgahlelo ya sesosa le ditlamorao tse kang, se etsahalang ka pele le se nkang nako e telele, se tobileng le se sa tobang (sesosa le ditlamoao)
Hlalosa le ho sekaseka mabaka le sephetho sa diketsahalo tsa kgale. (sesosa le ditlamorao).
Hlokomela hore phetoho le ntshetsopele ha di bolele tswelopele ka dinako tsohle. (phetoho le tswello).
Re bona sena ha moithuto a kgona ho:
Utlwisisa mofuta wa ditaba le hore boranalane ba etsa nalane ha ba ngola ka diketsahao tsa kgale.
Etsa phetolelo a ipapisitse ka mehlodi, a fana ka mabaka a kutwlisiso ya hae (mohlodi le phetolelo).
Hlokomela dintho tse amang tsela eo nalane e ngolwang ka yona. (tshusumetso hodima phetolelo).
Tsela eo matshwao a sebediswang ka yona ho hopola diketsahalo le batho ba nako e fetileng le hore ditaba tsa molomo di ka re thusa jwang ho utwlisisa matshwao ana (boemedi).
Dikamano tse ka bang teng le Jokorafi
Dikamano tse ka bang teng le Dithuto tse ding
Dipuo
Dipotso tsa bohlokwa
Mesebetsi e tsamaisanang le ho Ithuta
Sebetsang ka dihlotshwana tsa batho ba bararo. Le ntse le sebedisa mehlodi, kopa baithuti ho sebedisa bopaki hore ba qoqe ka mehopolo ya BCM le ho hlaisa mabaka a mmuso wa kgethollo wa hore o sebetse ka tsela eo o ileng wa sebetsa ka yona ho BCM. Qoqang le be le etse lenane la ditaba tse phatlaladitsweng ? ka ho le letshehadi, mehopolo, ka ho le letona, mabaka a diketso tsa mmuso.
Sebesisa mehlodi e buang ka lefu la Biko ditlamong ha mmoho le tafole e nang le dihlooho tse bontshang hore o a dumela/diphehisano/ho siella. Baithuti ba buisana ka ditaba ka dihlopha, mme moithuti ka mong o hlophisa ditaba tsena ho tswa mehloding tlasa dihlooho tseo mme a tlatse tafole.
Ditlhahlobo
Mosebetsi o ngotsweng
Tlhalosetso
Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Dijenale
Diloko
Tlhalosetso ya dikerafo
Diteko
Meqoqo
Diphehisano
Ho botsa batho dipotso
Ho sebetsa hara setjhaba
Mosebetsi o ngotsweng ke moithuti ka mora moqoqo wa sehlopha. Baithuti ba ngola tlaleho ka bonngwe ka diphehisano le dikgeo tse teng mehloding e buang ka lefu la Steve Biko, mme ba fana ka kutlwisiso ya bona ya se etsahetseng ho latela mehlodi.
Ditaba tsena di hlahisetswa baithuti kaofela letsatsing le hlahlamang ka mora hoba mosebetsi o tekwe mme le baithuti ba lebellwe ho tshehetsa dikarabo tsa bona.
O hlahloba mehlodi ho bona diphehisano, ditshiello, le dikgeo.
O fana ka tlhaloso a itshetlehile ka mehlodi, a fana ka mabaka a tlhaloso ya hae.
Mekgwa ya ho bokella ditaba
Mohlahlobi/bahlahlobi
Tlaleho
Ho hlokomela
Ho mamela
Ho bala
Ho fetolela
Ho lekola
Ho botsa
Ho lokisetsa seboka
Ho botsa dipotso
Seo momamedi a se hlokometseng mme a se ngola
Titjhere
Ka boyena
Methaka
Titjhere e nngwe
Setsebi se tswang hosele
Bakgethwa ba tlelase
Baithuti
Batswadi
Ba bang
Mohlala wa tlhahlobo 1: Nalane, Mophato o Phahameng
Sephetho sa ho ithuta 3 Kereiti:9
Boemo
Maemo a Tekolo1
Maemo a Tekolo2
Maemo a Tekolo3
O lekile empa ha a kgone hohang
Ha a a hlakelwa ke ditlhaloso tsa nalane; o hloka tshehetso e nngwe.
O hloka tshehetso e ngwe hore a tle a kgone ho utlwisisa ditaba tsa boitsebo.
O kgona ho hlokomela matshwao a nako e fetileng, empa o sa hloka tshehetso hore a tle a utlwisise hore matshwao ana a sebetsa jwang.
O kgona boemong bo tlase feela, empa o ntse a hloka tshehetso e nngwe.
O kgona ho hlokomela le ho fana ka mabaka a ditsela tse ngata tseo nalane e hlahiswang le ho hlaloswa ka yona; hore ke hobaneng nalane e phetwa ka tsela e sa tsitsang le ha e le mona ho ena le diphehisano mabapi le ditaba tsa nalane. Moithuti ha a na boitshepo ba ho iketsetsa diphetolelo tsa hae tsa nalane ntle le tshehetso.
O hlokomela hore boitsebo ba rona bo ba le kgahlamelo tseleng eo re boning ditaba tsa nalane ka yona, mme ka tshehetso e ntle o kgona ho hlokomela dintho tse susumetsang ho nglowa ha nalane ka botlalo.
O hlokomela hore matshwao a kgale ke eng, empa ha a a hlakelwa ka dinako tsohle ke hore matshwao ana a sebediswa jwang ho hopola batho le diketsahalo tsa kgale.
O kgotsofaditse ditlhoko tsa boemo bona
O kgona ho utlwisisa diphehisano tse amang tsela eo nalane e ngolwang ka yona le hore boranalane ba etsa nalane ha ba ngola ka ditaba tsa kgale, mme hape o kgona ho iketsetsa phetolelo ya hae a ipapisitse ka mehlodi, a bile a fana ka mabaka a kutlwisiso ya hae.
O hlokomela dintho tse susumetsang tsela eo nalane e ngolwang ka yona.
O kgona ho utlwisisa tsela eo matshwao a sebediswang ka yona ho hopola diketsashalo le batho ba kgale le tsela eo nalane ya molomo e ka sebediswang ka teng hore re utwisise matshwao.
O sebeditse ho feta ka moo a neng a lebelletswe ka teng
O dula a fana ka kutlwisiso ya hae ya ditaba tse fetileng a ipapisitse ka mehlodi e teng, le ho tshehetsa maikutlo a hae.
O dula a bontsha kutlwisiso ya hae ya le ho hlokomela ditaba tse susumetsang tsela eo nalane e ngolwang ka yona ha a fana ka phetolelo ya hae ya ditaba.
O kgona ho sekaseka tshebediso ya matshwao ho hopola diketsahalo le batho ba nako e fetileng.
Mohlala 2: Jokorafi, Mophato o Phahameng
Sephetho sa ho ithuta 3 Kereiti:9
Boemo
Maemo a Tekolo1
Maemo a Tekolo2
Maemo a Tekolo3
O lekile empa ha a eso kgone
Ha a kgone ho fana ka tlhaloso e falletseng
Ha a kgone ho hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng.
Ha a eso kgone ho hlalosa dikgopolotaba le mehopolo e tsamaisanang le ntshetsopele e tswellang kapa ho amanya ditaba tsena le batho, dibaka le tikoloho.
O kgona ho etsa boemong bo tlase, empa o ntse a hloka tshehetso.
O kgona ho hlokomela le ho fana ka ditsela tse fapaneng tseo ka tsona ditaba tsa ntshetsopele di ka shejwang ka tsona, empa ha a na boitshepo ba ho iketsetsa diphetolelo tsa hae tsa nalane ntle le tshehetso.
O hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng, mme, ka tshehetso, o kgona ho hlokomela ditaba tse ntle le tse mpe ka ntshetsopele.
O kgona ho hlalosa ditaba tse itseng ka ka ntshetsopele e tswellang, empa ha a eso kgone ho bona hore kgopolotaba e ka sebediswa jwang bathong, dibakeng le ho tikoloho.
O kgotsofaditse ditlhoko tsa boemo bona
O kgona ho fana ka ditlhaloso tse tletseng tse amang ditsela tseo ntshetsopele e bonwang ka teng.
O kgona ho hlokomela tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng ka tsela e ntle le e mpe.
O kgona ho hlalosa tsela eo ntshetsopele e tswellang e ka bang le tema e ntle kapa e mpe bathong, dibakeng le ho tikoloho.
O sebeditse ho feta ka moo a neng a lebelletswe ka teng
O dula a fana ka ditlhaloso tse ikemetseng tsa tjhadimo ya ntshetsopele mme o tshehetsa maikutlo a hae.
O kgona ho hlokomela le ho hlalosa tema ya mahlale le thekenoloji ntshetsopeleng.
O kgona ho sekaseka tsela eo ntshetsopele e tswellang e ka bang le tema e ntle kapa e mpe bathong, dibakeng le ho tikoloho.
Mohlala 3: Sephetho sa ho Ithuta 3 ? Tlhahlobo ya tsello le phetoho
Tafole ena e tla fuwa moithuti ka mong ha mmoho le melao ya mosebetsi.
Kereiti:8
O hlokomela dintho tse itseng tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako.
O arohanya pakeng tsa dintho tsa bohlokwa kapa tseo e seng tsa bohlokwa tse ileng tsa faoha kapa tsa se fetohe le nako.
O fumana kamano pakeng tsa dintho tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako mme o bona phapang pakeng tsa dintho tse kgolo le tse nyane.
O fumana kamano pakeng tsa dintho tse ileng tsa fetoha kapa tsa se fetohe le nako mme o hlalosa diphetoho tsena ka kutlwisiso e nammeng ya nalane kapa ya tikoloho.
Mehlala ya ditlhaloso
Mohlala 1
Tshebedisong ya tafole ena ho fanwa ka boemo maemong ka mang ka ho arohana.
Molao
Boemo 1
Boemo2
Boemo3
Boemo4
O hlahloba mehlodi ho fumana diphehisano le tshiello.
Ha a kgone ho hlokomela diphehisano le ditshiello.
O lekile ho hlokomela diphehisano le ditshiello.
O hlokometse diphehisano le ditshiello tsohle.
O hlokometse diphehisano le ditshiello tsohle tse mehlaleng mme a ba a hlahisa maikutlo ka hore bongodi e ka be lebaka le qositseng diphehisano tsena.
O etsa phetolelo a ipapisitse ka mehlodi a bile a ntse a tshehetsa maikutlo a hae.
Ha a kgone ho etsa phetolelo.
O lekile ho araba empa ha ho bonahale hore o kgone ho utlwisisa ditaba ka boikemelo.
O fane ka kutlwisiso e ikemetseng ya diketsahalo mme a ba a leka ho fana ka mabaka a seo a se utlwisisang.
O fane ka kutlwisiso e ikemetseng ya diketsahalo a bile a fana ka bopaki bo tswang mehloding. O fane ka mabaka a maikutlo a hae. Ditaba tsa hae di bopehile hantle.
Mohlala 2
Lehlomela le ka sebediswa ha o batla boemo bo kopantsweng ba letoto la melao. Maemo ana a bontshwa ka tsela e yang hodimo le e yang lehlakoreng. Moithuti o fuwa boemo bakeng sa tsona di le pedi, mme moo di kopanang, ho tla ajwa boemo bo kopaneng. Ho tea mohlala, ebang moithuti a sebetsa boemong ba boraro ka ho hlokomela diphehisano/ditshiello le boemong ba bobedi ka phetolelo, boemo bo kopantsweng e tla ba pedi . Ebang ho ajwa boemo ba bone bakeng sa diphehisano le ditshiello, le boemo ba boraro bakeng sa phetolelo, boemo bo kopaneng e tla ba tharo, kapa nne ho ya ka hore mosebetsi o ngotswe kapa o hlahisitswe hantle hakae.
Phetolelo
Boemo ba 4
O ngotse diphehisano kaofela tse hlahellang mehloding. O hlokometse ditshiello. O hlahisitse maikutlo ka bongodi ba mehlodi.
Boemo ba 3
O ngotse diphehisano kaofela tse hlahellang mehloding. O entse matsapa a ho hlokomela ditshiello.
Boemo ba 2
O lekile ho hlokomela diphehisano le ditshiello mehloding.
Boemo ba 1
O lekile ho araba ka ho thuswa.
Boemo ba 4
O fane ka tlhalosetso e ikemetseng ya ditaba a di tshehets ka bopaki bo tswang mehloding. O fana ka mabaka a phetolelo ya bona. Ditaba tsa hae di bopehile hantle.
Boemo 3
O fane ka tlhalosetso e ikemetseng ya diketsahalo, empa ha a a fana ka mabaka a phetolelo ya hae.
Boemo ba 2
O lekile ho araba empa o bontshitse bopaki bo bonyane ba phetolelo e ikemetseng.
MOPHATO O MAHARENG
Sephetho sa ho Ithuta 3 Kereiti:6
Boemo
Maemo a Tekolo1
Maemo a Tekolo2
Maemo a Tekolo3
O lekile empa ha a a kgona
Ha a kgone ho hlokomela mofuta o le mong wa ditaba tsa kgale; o sa ntse a hloka thuso.
O kgona ho sebedisa mantswe le dipolelo tse tlwaelehileng mabapi le ho feta ha nako, a kang, kgale, ntjha, pele, ka morao, dikgwedi, dilemo, (tokodiso ya nako), o fana ka mabaka ebile o hlalosa sephetho sa diketso tsa kgale tsa batho maemong a itseng (sesosa le ditlamorao). O kgona ho hlokomela tshwano le phapang empa ha a eso hlakelwe ke ditaba tsa tswello le phetoho.
Ha a kgone ho hlokomela le ho kgetha dintho, o sa hloka thuso.
O kgona ho sebetsa boemong bo tlase.
O hlokomela hore ho ka ba le mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale, empa ha a kgone ho di bapisa. Ha a eso hlakelwe ke phapang pakeng tsa mehopolo le nnete.
O kgona ho sebdisa matsatsi le dinako tse kang, ngwahashome, ngwahakgolo, bapabi le ho feta ha nako mme o kgona ho di hlophisa hantle (tokodiso ya nako), o fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketsahalo tse fetotseng tsela eo batho ba phelang ka yona maemong a itseng (sesosa le ditlamorao), mme o qalella ho utwlisisa phetoho le tswello.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale, empa o sa hloka thuso ho hlalosa hore dintho tsena di na le tema efe dipontshong tsa phaposi ya sekolo, meusiamo wa sekolo kapa moo ho bolokwang ditaba tsa motse.
O kgotsofaditse ditebello boemong bona
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo ya kgale ka tshebediso ya mehlodi e bonwang kapa e ngotsweng, mme hape o kgona ho hlokomela phapang pakeng tsa nnete le mohopolo feela mehloding.
O kgona ho hlophisa diketsahalo, batho le diphetoho ka nako ka tsela e kenyelletsang mantswe a kang ?BC? ?AD?, ?CE?, ?BCE?. (tokodiso ya nako), fana ka mabaka le ho hlalosa sephetho sa diketsahalo tsa bohlokwa tse etsahetseng maemong a fetang bonngwe (sesosa le ditlamorao), mme hape o fana ka mabaka le ho hlalosa diphetho tsa diketsahalo tsa bohlokwa le diphetoho maemong fetang bonngwe (phetoho le tswello).
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse bontshang ditaba tsa kgale, bakeng sa ho hlalosa hore dintho tsena di na le tema efe dipontshong tsa phaposi ya sekolo, meusiamo wa sekolo kapa moo ho bolokwang ditaba tsa motse.
O fetisa ka moo ho lebeletsweng ka teng
O kgona ho bapisa mahlakore a mabedi a ketsahalo, a ntse a hlokomela le hore ke hobaneng ketshalalo e hlalositswe ka ditsela tse sa tshwaneng. O kgona ho bona phapang pakeng tsa mohopolo feela le nnete mehloding mme hape o fana ka mabaka a tlisitseng mehopolo eo.
O kgona ho etsa se ka hodimo le ho etsa maemo a nako le ho etsa setswantsho ho bontsha dinako le diketsahalo tsa kgale (tokodiso ya nako), ho hlalosa le ho bontsha dikamano pakeng tsa mabaka le diphetho tsa diketsahalo le diphetoho tsa bohlokwa (sesosa le ditlamorao) mme o hlalosa hore ke hobaneng dikarolo tse itseng tsa setjhaba di fetohile kapa di sa fetoha maemong a itseng.
O kgona ho hlokomela le ho kgetha dintho tse supang ditaba tsa kgale mme o bile o kgona ho sisinya hore setsebi se ka sebedisa dintho jwang ho leka ho utlwisisa ditaba tsa kgale.
KAROLO 5
DISEBEDISWA TSA HO RUTA LE HO ITHUTA
Ho na le mefuta e mmedi ya disebediswa e bohlokwa dithutong tsa Mahlale a Phedisano. Tsena ke mofuta o tlwaelehileng, o tla ba karolo ya thepa ya sekolo, ha mmoho le disebediswa tseo titjhere e di bokellang ha nako e ntse e tsamaya.
Disebediswa tse tlwaelehileng:
Dibuka
Diatlelase
Tleloupu
Mmapa wa jokorafi le nalane
Ditjhate
Dimmotlolo
Dibuka tsa tlatsetso
Diphoustara
Diraka tse notlelwang
Disebediswa tsa titjhere di kenyelletsa:
Mefuta ya disebediswa tse kang ditaba tsa dikoranta le dimakasine, dikhathuni, ditshwantsho, diphoustara
Data ya kerafo, ditafole, dikerafo
Mefuta ya disebediswa tsa tlhahlobo
Mehlala ya ditsela tse fapaneng mesebetsing e itseng
Dibuka tsa tlatsetso
NGEO, dimeusiamo, dintlha tse supang dibaka tse bontshang diketsahalo tsa kgale (tse fumanehang sebakeng)
Mabitso le dinomoro tsa moo ho fumanehang dikomiti tsa Thuto sebakeng ka seng
